Hosea
13 “Ha Efraime a bua, batho ba ne ba thothomela.
O ne a tumme Iseraele+
Empa o ile a ba molato ka lebaka la ho rapela Baale+ yaba o a shwa.
Ba etsa medimo ya ditshwantsho ka bohlale. Kaofela e entswe ke ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho.
Ba re, ‘Batho ba etsang mahlabelo ba ke ba sune manamane.’+
3 Ba tla ba jwalo ka maru a hoseng,
Jwalo ka phoka e nyamelang kapele,
Jwalo ka mmoko o fefolwang ke sefefo seotlong*
Le jwalo ka mosi o tswang lesobeng la marulelo.
4 Nna Jehova, haesale ke le Modimo wa hao ho tloha ha o le naheng ya Egepeta.+
O ne o sa tsebe Modimo e mong ntle ho nna
Ebile ha ho na mopholosi e mong ntle ho nna.+
5 Ke o tsebile ha o le lefeelleng,+ naheng e omeletseng.
6 Ba ne ba kgotshe ka lebaka la dijalo tsa masimo a bona.+
Ha ba se ba kgotshe, ba ile ba ikgohomosa
Yaba ba a ntebala.+
8 Ke tla ba hlasela jwalo ka bere e lahlehetsweng ke madinyane a yona
Ebile ke tla harola difuba tsa bona.
Ke tla ba ja jwalo ka tau.
Sebata se hlaha sa naheng se tla ba kgaola dikoto.
9 Se tla o fedisa, wena Iseraele
Hobane o fetohetse nna mothusi wa hao.
10 O hokae jwale morena wa hao hore a o pholose metseng yohle ya hao?+
13 O tla tlelwa ke bohloko ba pelehi.
Ke ngwana ya seng bohlale.
Ha a hlahe ha nako ya hore a tswalwe e fihla.
Lefu, metsu ya hao e hlabang e hokae?+
Lebitla, matla a hao a ho fedisa a hokae?+
Nke ke ka le qenehela.
15 Le ha Efraime a ka mela hara lehlaka,
Jehova o tla tlisa moya wa botjhabela.
O tla be o tswa lehwatateng ho tla tjhesa sediba sa hae le mohlodi wa hae wa metsi.
Matlotlo ohle a hae a tla utsuwa.+
16 Basamaria ba tla nkwa ba le molato+ hobane ba fetohetse Modimo wa bona.+