Dipesaleme
Ho motsamaisi. E binwe ka diletsa tse dikgwele. Pesaleme ya Asafe.+ Pina.
76 Modimo o a tsebahala Juda.+
Lebitso la hae le leholo Iseraele.+
4 O kwahetswe ke kganya.
O moholo ho feta dithaba tseo dibata di dulang ho tsona.
5 Ba sebete ba nketswe thepa.+
Ba shwele.*
Banna ba matla ba ne ba sa kgone ho itwanela.+
6 Ka lebaka la kgalemelo ya hao Modimo wa Jakobo,
Ke mang ya ka emang ka pela hao ha o halefile haholo?+
8 O phatlaladitse kahlolo o le lehodimong.+
Lefatshe le ne le tshohile le bile le kgutsitse+
9 Ha Modimo a ema hore a ahlole
Le ho pholosa bohle ba bonolo lefatsheng.+ (Selah)
10 Bohale ba batho bo tla etsa hore o roriswe.+
Ha batho ba ntse ba halefile, seo se tla etsa hore o halaletswe.
11 Etsang dikano ho Jehova Modimo wa lona mme le di phethe,+
Bohle ba mo potolohileng ba ke ba tlise dimpho tsa bona ba tshohile.+
12 O tla kokobetsa baetapele ba ikgohomosang.
O etsa hore marena a lefatshe a tshohe.