Lengolo le Yang ho Bafilipi
1 Nna Pauluse ha mmoho le Timothea, bahlanka ba Kreste Jesu, re ngolla bahalaledi bohle ba Kreste Jesu ba leng Filipi+ ha mmoho le balebedi le bahlanka ba sebeletsang:+
2 E se eka Modimo Ntate wa rona le Morena Jesu Kreste ba ka ba mosa* ho lona le ho le fa kgotso.
3 Ke leboha Modimo wa ka ka mehla ha ke le hopola. 4 Nako le nako ha ke etsetsa e mong le e mong thapedi, ke e etsa ke thabile+ 5 hobane le tsheheditse mosebetsi wa ho bolela* ditaba tse monate ho tloha letsatsing la pele ha le ne le di utlwa ho fihlela hona jwale. 6 Ke kgodisehile hore Modimo ya qadileng mosebetsi o motle ho lona o tla o qetela+ ho fihlela letsatsi la Kreste Jesu le fihla.+ 7 Ke hantle hore ebe ke ikutlwa tjena ka lona hobane ke le rata haholo. Le ne le ntsheheditse ha ke le teronkong+ le ha ke ne ke sebedisa molao ho fumana tokelo ya ho bolela ditaba tse monate.+ Ka tsela ena, nna le lona re ile ra thabela mosa o tswang ho Modimo.
8 Modimo o a tseba* hore ke le hopotse kaofela hobane ke le rata ka tsela eo Kreste Jesu a le ratang ka yona. 9 Ke dula ke rapella hore lerato la lona le nne le hole le ho feta+ le hore tsebo ya lona e nepahetseng+ le temoho ya lona+ di nne di eketsehe. 10 Ke rapella hore le kgone ho lemoha hore na dintho tsa bohlokwa haholo ke dife+ e le hore le se ke la ba molato kapa la kgopisa ba bang+ ho fihlela letsatsi la Kreste le fihla. 11 Hape, ke rapella hore dintho tse ntle tseo re di etsang re thuswa ke Jesu Kreste+ tse etsang hore Modimo a halaletswe a be a tlotliswe, di le tswele molemo.
12 Bana beso, ke batla le tsebe hore dintho tse nketsahaletseng di entse hore ditaba tse monate di bolelwe le ho feta. 13 Balebedi bohle ba Moemphera le batho ba bang bohle ba a tseba+ hore ke teronkong+ hobane ke le molatedi wa Kreste. 14 Bana ba bo rona ba bangata ba sebeletsang Morena ba kgothaditswe ke hore ebe ke teronkong. Ba bolela lentswe la Modimo ba le sebete haholo ebile ba sa tshabe letho.
15 Ke nnete hore ba bang ba bolela ka Kreste hobane ba le mona ebile ba hlodisana empa ba bang ba etsa seo ka morero o motle. 16 Ba bolelang ka Kreste ka morero o motle, ba etsa jwalo hobane ba mo rata ebile ba a tseba hore ke kgethilwe hore ke sireletse ditaba tse monate.+ 17 Ba bolelang ka lebaka la mona le ho hlodisana, ba etsa jwalo ka morero o mobe le hobane ba rata diqabang, ba batla ho mpakela mathata ha ke ntse ke le teronkong. 18 Seo se felletse ka eng? Ka hore ka tsela e nngwe le e nngwe ho bolelwe ka Kreste ebang ke ka morero o motle kapa o mobe. Ha e le hantle, ke thabela seo ebile ke tla dula ke thabile 19 hobane ke a tseba hore ke tla pholoswa ka lebaka la dithapedi tsa lona+ le ka lebaka la thuso ya moya wa Jesu Kreste.+ 20 Ke kgodisehile ebile ke na le tshepo eo nke keng ka hlajwa ke dihlong ka lebaka la yona. Ke tla dula ke bua ka bolokolohi e le hore nka tlotlisa Kreste hona jwale jwalo ka nakong e fetileng ebang ke a phela kapa ke a shwa.+
21 Ha e le nna, ke phelela Kreste.+ Le ha ho le jwalo, ho ka ba molemo le ho feta ha nka shwa.+ 22 Haeba ke tla nne ke phele mona lefatsheng, seo se bolela hore ke tla kgona ho etsa mosebetsi o mongata. Empa ha ke tsebe hore na nka kgetha eng. 23 Ha ke tsebe hore na ke kgethe efe pakeng tsa dintho tsena tse pedi hobane ke lakatsa ho lokoloha ke yo ba le Kreste+ e leng ntho e molemo ka ho fetisisa.+ 24 Le ha ho le jwalo, ke ha bohlokwa hore ke nne ke phele mona lefatsheng molemong wa lona. 25 Ka lebaka leo, ke a tseba hore ke tla nne ke phele. Ke tla nne ke be le lona kaofela e le hore le nne le sebeletse Modimo le hore le thabe ka lebaka la tumelo ya lona. 26 Ha ke ena le lona, le tla tshepa Kreste Jesu le ho feta ka lebaka la ka.
27 Itshwareng* ka tsela e tshwanelang ditaba tse monate tse mabapi le Kreste+ e le hore ebang ke a tla ke tlo le bona kapa ha ke tle, ke nne ke utlwe ditaba tse thabisang ka lona, tsa hore le eme le tiile, le a utlwana,+ le nahana ka tsela e tshwanang ebile le a tshehetsana hore le dule le ena le tumelo ditabeng tse monate. 28 Le se ke la tshoswa ke bahanyetsi ba lona. Boo ke bopaki ba hore ba tla fediswa+ empa lona le tla pholoswa.+ Bopaki bona bo tswa ho Modimo. 29 Ha le a fuwa monyetla wa ho dumela ho Kreste feela empa le boetse le fuwe monyetla wa ho utlwa bohloko ka lebaka la hae.+ 30 Le kopana le mathata a tshwanang le ao le mponeng ke kopana le ona,+ ao le ntseng le utlwa hore ke ntse ke kopana le ona le hona jwale.