Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Pesaleme 35
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

Kakaretso ya Dipesaleme

      • Thapelo ya ho pholoswa ho dira

        • Dira di tla lelekwa (5)

        • Ho rorisa Modimo hara batho ba bangata (18)

        • Ho hlouwa ntle ho lebaka (19)

Pesaleme 35:1

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1 Sam. 24:15
  • +Pes. 3:7

Pesaleme 35:2

Dinaletsana

  • *

    Hangata di ne di tshwarwa ke batho ba betsang metsu.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 15:3
  • +Esa 42:13

Pesaleme 35:3

Dinaletsana

  • *

    Kapa: “selepe se rathang ka nqa tse pedi.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1 Sam. 23:26
  • +Esa 12:2

Pesaleme 35:4

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jer 17:18

Pesaleme 35:5

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 14:19, 20; Esa 37:36

Pesaleme 35:7

Dinaletsana

  • *

    Kapa: “letlowa.”

Pesaleme 35:8

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pes. 57:6; 141:10

Pesaleme 35:10

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pes. 18:17
  • +Pes. 40:17; Diprov. 22:22, 23

Pesaleme 35:11

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pes. 27:12; Mat 26:59

Pesaleme 35:12

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1 Sam. 19:4, 5; 20:33; Jer 18:20

Pesaleme 35:13

Dinaletsana

  • *

    Sheba Tlhaloso.

  • *

    Kapa: “e ne e kgutlela sefubeng sa ka.”

Pesaleme 35:16

Dinaletsana

  • *

    Kapa mohlomong: “Ba sa dumeleng ho Modimo ba a ntshoma ka lebaka la sengwathwana sa bohobe.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pes. 37:12

Pesaleme 35:17

Dinaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “bona bo le bong,” ha a bua ka bophelo ba hae.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Hab 1:13
  • +Pes. 142:6
  • +Pes. 22:20; 57:4

Pesaleme 35:18

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pes. 22:22

Pesaleme 35:19

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pes. 69:4; Joh 15:24, 25
  • +Diprov. 6:12, 13

Pesaleme 35:20

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pes. 31:13; Jer 11:19; Mat 26:4

Pesaleme 35:22

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pes. 28:1
  • +Pes. 10:1; 71:12

Pesaleme 35:24

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pes. 26:1; 96:13

Pesaleme 35:25

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pes. 41:1, 2

Pesaleme 35:27

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pes. 84:11; 149:4

Pesaleme 35:28

Dinaletsana

  • *

    Kapa: “nahanisisa.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pes. 51:14
  • +Pes. 71:24

Dibibele Tse Ding

Penya nomoro ya temana ho hlahisa diphetolelo tse ding tsa temana eo.

Ditemana Tse Ding

Pes. 35:11 Sam. 24:15
Pes. 35:1Pes. 3:7
Pes. 35:2Ex 15:3
Pes. 35:2Esa 42:13
Pes. 35:31 Sam. 23:26
Pes. 35:3Esa 12:2
Pes. 35:4Jer 17:18
Pes. 35:5Ex 14:19, 20; Esa 37:36
Pes. 35:8Pes. 57:6; 141:10
Pes. 35:10Pes. 18:17
Pes. 35:10Pes. 40:17; Diprov. 22:22, 23
Pes. 35:11Pes. 27:12; Mat 26:59
Pes. 35:121 Sam. 19:4, 5; 20:33; Jer 18:20
Pes. 35:16Pes. 37:12
Pes. 35:17Hab 1:13
Pes. 35:17Pes. 142:6
Pes. 35:17Pes. 22:20; 57:4
Pes. 35:18Pes. 22:22
Pes. 35:19Pes. 69:4; Joh 15:24, 25
Pes. 35:19Diprov. 6:12, 13
Pes. 35:20Pes. 31:13; Jer 11:19; Mat 26:4
Pes. 35:22Pes. 28:1
Pes. 35:22Pes. 10:1; 71:12
Pes. 35:24Pes. 26:1; 96:13
Pes. 35:25Pes. 41:1, 2
Pes. 35:27Pes. 84:11; 149:4
Pes. 35:28Pes. 51:14
Pes. 35:28Pes. 71:24
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Pesaleme 35:1-28

Dipesaleme

Pesaleme ya Davida.

35 Jehova, buella nyewe ya ka ho ba nkganyetsang.+

O lwantshe ba ntwantshang.+

 2 Nka thebe ya hao e nyenyane* le e kgolo,+

O eme mme o ntwanele.+

 3 Phahamisa lerumo la hao le selepe* sa hao, o lwantshe ba ntelekisang.+

Ere ho nna: “Ke nna ya o pholosang.”+

 4 E se eka ba tsomang bophelo ba ka ba ka hlajwa ke dihlong mme ba tlotlolleha.+

E se eka ba rerang ho mpolaya ba ka kgutla ba swabile.

 5 E se eka ba ka ba jwalo ka mmoko o fefolwang ke moya.

Lengeloi la Jehova le ba leleke.+

 6 Tsela ya bona e be lefifi e be e thelle

Ha lengeloi la Jehova le ntse le ba lelekisa.

 7 Ba ntjhehetse leraba* hore le ntshwase ntle ho lebaka.

Ba ntjheketse sekoti ntle ho lebaka.

 8 E se eka ba ka hlahelwa ke tsietsi ba sa lebella.

E se eka leraba leo ba le patileng le ka ba tshwasa.

Ba wele ka hara lona mme ba shwe.+

 9 Ke tla thaba ka lebaka la Jehova.

Ke tla thaba hobane o mpholositse.

10 Ke tla bua ho tswa pelong ke re:

“Jehova, ke mang ya jwalo ka wena?

O pholosa ba sa kgoneng ho itshireletsa ho ba matla,+

O pholosa ba sa kgoneng ho itshireletsa le ba futsanehileng ho ba ba nkelang dintho tsa bona.”+

11 Batho ba kgopo ba a nqosa,+

Ba mpotsa dintho tseo ke sa di tsebeng.

12 Ha ke ba etsa hantle, ba nketsa hampe,+

Ba etsa hore ke utlwe bohloko jwalo ka motho ya shwetsweng.

13 Ha ba kula, ke ile ka apara lesela le hwashang.*

Ka itshotla ka ho itima dijo

Le ha thapelo ya ka e ne e sa arabelwa,*

14 Ke ile ka tsamaya jwalo ka ha eka ke hlokahalletswe ke motswalle kapa ngwaneso.

Ka inama ke hlorile jwalo ka motho ya hlokahalletsweng ke Mme.

15 Ha ke kgoptjwa, ba ile ba thaba mme ba bokana.

Ba ikopanya hore ba ntlhasele ke sa lebella.

Ba nkgaola dikoto mme ha ba a ka ba thola.

16 Ba sa dumeleng ho Modimo ba a nnyatsa ebile ba a ntshoma,*

Ba ntsikitlanyetsa meno hobane ba nkgalefetse.+

17 Jehova, o tla nne o shebe feela ho fihlela neng?+

Mpholose ha ba ntlhasela,+

Pholosa bophelo ba ka ba bohlokwa* ha ba ntlhasela jwalo ka ditawana.+

18 Ke tla o leboha phuthehong e kgolo.+

Ke tla o rorisa hara batho ba bangata.

19 O se ke wa dumella hore bao e leng dira tsa ka ntle ho lebaka, ba thabe ka lebaka la matshwenyeho a ka.

O se ke wa dumella hore ba ntlhoileng ntle ho lebaka+ ba ntshome+

20 Ka ha ha ba bue ka kgotso

Empa ba qhekanyetsa batho ba nang le kgotso lefatsheng.+

21 Ba ahlamisa melomo hore ba nqose,

Ba re: “Eke! Eke! Re o bone ka mahlo a rona.”

22 Jehova, o bone sena. O se ke wa thola feela.+

Jehova, o se ke wa ba hole le nna.+

23 Ema o mpuelle,

Jehova Modimo wa ka, mpuelle nyeweng ya ka.

24 Nkahlole ho ya ka melao ya hao e lokileng,+ Jehova Modimo wa ka.

O se ke wa ba dumella hore ba thabe ka lebaka la ditsietsi tsa ka.

25 E se eka ba ke ke ba re ka dipelong tsa bona: “Eke! Re fumane ntho eo re neng re e batla.”

E se eka ba ke ke ba re: “Re qetile ka yena.”+

26 Bohle ba thabelang matshwenyeho a ka,

Ba ke ba hlajwe ke dihlong mme ba swabe.

E se eka ba ikgohomosetsang nna ba ka hlajwa ke dihlong mme ba tlotlollehe.

27 Empa ba thabelang diketso tsa ka tse lokileng ba ke ba hweletse ba thabile.

Ba re ka mehla:

“Ho ke ho tlotliswe Jehova, ya thabang ha mohlanka wa hae a ena le kgotso.”+

28 Leleme la ka le tla bua* ka diketso tsa hao tse lokileng+

Le be le o rorise letsatsi lohle.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela