Mikea
6 Ke kopa le mamele seo Jehova a se buang.
Emang, le ise nyewe ya lona ka pela dithaba.
Maralla a ke a utlwe mantswe a lona.+
2 Mamelang nyewe ya Jehova lona dithaba,
Lona metheo e tiileng ya lefatshe+
Hobane Jehova o na le nyewe le setjhaba sa hae.
O tla qosa Baiseraele a re:+
3 “Setjhaba sa ka, ke le entseng?
Ke le entseng e le kgathaditseng?+
Buang hore na le nqosa ka eng.
4 Ke le ntshitse naheng ya Egepeta.+
Ka le lopolla naheng eo le neng le le makgoba ho yona.+
Ka romela Moshe, Arone le Miriame hore ba le tataise.+
5 Setjhaba sa ka, ke kopa le hopole seo Morena Balake wa Moabe a neng a se rerile+
Le hore na Balame mora wa Beore o ile a reng ho yena.+
Hopolang se etsahetseng ho tloha Shitime+ ho ya fihla Gilgale+
E le hore le ka hlokomela hore Jehova o le etseditse dintho tse ntle.”
6 Ke tla tla ka eng ka pela Jehova?
Ke tla inamela Modimo ya dulang sebakeng se phahameng ka eng?
Na ke tla tla ho yena ka dinyehelo tse feletseng tsa setjheso
Le ka manamane a nang le selemo?+
7 Na Jehova o tla kgahliswa ke diramo tse dikete?
Na o tla kgahliswa ke oli e ngata haholo?+
Na ke tla fana ka mora wa ka wa letsibolo ka lebaka la borabele ba ka,
Ke fane ka ngwana wa ka ka lebaka la sebe sa ka?+
8 Wena motho, Modimo o o boleletse se molemo.
Jehova o lebeletse eng ho wena?
O lebeletse hore o etse dintho ka toka,+ o rate ho tshepahala*+
Le hore o tsamaye le Modimo wa hao o ikokobeditse.+
9 Jehova o bua le motse a hweleditse.
Ba bohlale ba tla tshaba lebitso la hae.*
Elang hloko kotlo e tlang le be le ele hloko ya e tlisang.*+
10 Na ho sa na le matlotlo a fumanweng ka bolotsana matlong a ba kgopo
Le tekanyo* e sa fellang eo Modimo a e nyonyang?
11 Na ke tla be ke nepile* ha nka sebedisa dikala tse sa tshepahaleng
Le ha nka sebedisa mokotla wa majwe a ho bekga a thetsang?+
Ba qhekella ka maleme a bona.+
14 Le tla ja empa le ke ke la kgora.
Le tla dula le lapile.+
Le tla nka dintho le re le a di boloka empa di ke ke tsa dula di sireletsehile.
Tseo le di nkang, ke tla di fa dira tsa lona.
15 Le tla jala peo empa le ke ke la kotula.
Le tla hatakela mehlwaare empa le ke ke la sebedisa oli ya yona.
Le tla etsa veine e ntjha empa le ke ke la nwa veine.+
16 Le mamela melao ya Omri ebile le etsa dintho tseo ditloholo tsa Akabe di di etsang.+
Le latela dikeletso tsa bona.
Ke ka lebaka leo ke tla etsa hore ha batho ba le bona ba tshohe
Ke be ke etse hore batho ba le some.+
Ditjhaba tse ding di tla le nyefola.”+