Genese
16 Sarai mosadi wa Abrame o ne a se na bana.+ Le ha ho le jwalo, o ne a ena le mosebeletsi wa Moegepeta ya bitswang Hagare.+ 2 Sarai a re ho Abrame: “Jehova o entse hore ke se ke ka ba le bana. Ke kopa hore o robale le mosebeletsi wa ka, mohlomong ke tla ba le bana ka yena.”+ Abrame a mamela Sarai. 3 Ha Abrame a ena le dilemo tse leshome a dula naheng ya Kanana, Sarai a nka Hagare mosebeletsi wa hae wa Moegepeta mme a mo fa monna wa hae Abrame hore e be mosadi wa hae. 4 Abrame a robala le Hagare mme a ima. Ha Hagare a hlokomela hore o imme, a qala ho tella Sarai monga hae.
5 Sarai a re ho Abrame: “Ke phoso ya hao hore ebe ke utlwisitswe bohloko. Ke nna ya o fileng* mosebeletsi wa ka Hagare empa ha a hlokomela hore o imme, o ile a qala ho ntella. E se eka Jehova a ka ahlola hore na ke mang ya phoso pakeng tsa ka le wena.” 6 Abrame a re ho Sarai: “Hagare ke mosebeletsi wa hao, etsa ntho le ha e le efe eo o batlang ho e etsa ka yena.” Sarai a tlotlolla Hagare yaba Hagare o a mo baleha.
7 Ha morao lengeloi la Jehova la mo fumana a le sedibeng sa metsi lefeelleng, e leng sediba se tseleng e yang Shure.+ 8 La re: “Hagare mosebeletsi wa Sarai, o tswa kae mme o ya kae?” A re: “Ke baleha mongaka Sarai.” 9 Lengeloi la Jehova la re: “Kgutlela ho monga hao Sarai mme o fihle o ikokobeletse yena.” 10 Lengeloi la Jehova la re: “Ke tla etsa hore bana* ba hao ba be bangata haholo hoo ba ke keng ba balwa.”+ 11 Lengeloi la Jehova la boela la re: “O imme mme o tla ba le mora. O mo rehe Ishmaele* hobane Jehova o utlwile hore o mathateng. 12 E tla ba monna ya jwalo ka tonki e hlaha.* O tla lwantsha batho bohle le bona ba tla mo lwantsha. Hape o tla dula haufi le bana babo kaofela.”*
13 Hagare a bitsa lebitso la Jehova, ya neng a bua le yena a re: “O Modimo ya bonang dintho tsohle.”+ Yaba o re: “Na ka nnete ke bone ya mponang?” 14 Ke ka lebaka leo sediba seo se ileng sa bitswa Beere-lahai-roi.* (Se pakeng tsa Kadeshe le Berede.) 15 Hagare a ba le mora mme Abrame a mo reha Ishmaele.+ 16 Abrame o ne a le dilemo di 86 ha Hagare a eba le Ishmaele.