Kosepele ya Luka
8 Nakwana ka mora moo, a tsamaya metse le metsana a bolella batho ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo.+ O ne a tsamaya le barutuwa ba hae ba 12 2 ha mmoho le basadi bao a neng a ba phekotse a bile a ntshitse bademona ho bona. Bona ke Maria ya bitswang Magdalena, eo ho yena ho tswileng bademona ba supileng, 3 Susanna, Joanna+ mosadi wa Kuza e leng monna ya neng a hlokomela ntlo ya Heroda le basadi ba bang ba bangata ba neng ba sebedisa dintho tseo ba nang le tsona ho thusa Jesu le baapostola ba hae.+
4 Ho tloha motseng o mong ho ya ho o mong, batho ba ile ba tla ho yena mme letshwele le leholo la phutheha. Yaba o ba etsetsa papiso o re:+ 5 “Mojadi o ile a tswa ho ya jala. Ha a ntse a jala, peo e nngwe ya wela haufi le tsela, batho ba e hatakela yaba dinonyana di a e ja.+ 6 E nngwe ya wela majweng mme ka mora hore e mele, ya omella hobane ho ne ho se na mongobo.+ 7 E nngwe ya wela hara meutlwa yaba ha meutlwa e hola e a e bipetsa.+ 8 E nngwe yona ya wela mobung o motle, ya mela yaba e beha ditholwana tse imenneng ka makgetlo a 100.”+ Ka mora ho tjho jwalo a hweletsa a re: “Ya nang le ditsebe a ke a utlwe.”+
9 Barutuwa ba hae ba mo botsa hore na papiso eo e bolelang.+ 10 A re: “Le dumeletswe ho utlwisisa makunutu a halalelang a Mmuso wa Modimo empa ba bang bona ba bolellwa dintho tsohle ka ho etsetswa dipapiso+ hobane le hoja ba shebile, ha ba bone mme le hoja ba utlwa, ha ba utlwisise.+ 11 Jwale tlhaloso ya papiso ke ena: Peo ke lentswe la Modimo.+ 12 Peo e jetsweng haufi le tsela ke batho ba utlwileng lentswe ebe Diabolose o a tla, o tlosa lentswe leo dipelong tsa bona e le hore ba se ke ba le dumela mme ba pholoha.+ 13 Peo e jetsweng dipakeng tsa majwe ke batho ba utlwang Lentswe mme ba le amohela ka thabo empa ka ha ha ba na metso, ba dumela ka nakwana ebe ha mathata a hlaha ba kgaotsa ho dumela.+ 14 Peo e jetsweng hara meutlwa ke batho ba utlwileng Lentswe empa ka ha ba ferekanngwa ke mathata, maruo+ le menate ya bophelo bona,+ dintho tsena di a ba bipetsa ebe ha ba behe ditholwana tse ntle ho hang.+ 15 Peo e jetsweng mobung o motle yona ke batho ba amohetseng lentswe ka pelo e ntle haholo+ ebe ba a le boloka mme ba a mamella ha ba ntse ba beha ditholwana.+
16 Ha motho a qeta ho kgantsha lebone, ha a le kwahele ka sekotlolo kapa a le behe tlasa bethe empa o le beha hodima tafole e le hore le kgantshetse bohle ba kenang.+ 17 Ka ha dintho tsohle tse patilweng di tla pepeswa, le dintho tse patilweng ka thata di tla senolwa, di hlahelle.+ 18 Ka hona, le mamele ka hloko hobane ya nang le letho o tla ekeletswa+ empa ya se nang letho o tla amohuwa le hoo a nahanang hore o na le hona.”+
19 Mme wa Jesu le bana babo+ ba tla ho yena empa ba ne ba sa kgone ho fihla pela hae hobane batho ba ne ba le bangata.+ 20 Ka hoo, motho e mong a re ho yena: “Mme wa hao le bana beno ba eme ka ntle ba batla ho o bona.” 21 A ba araba a re: “Mme le bana beso ke ba utlwang lentswe la Modimo mme ba le phetha.”+
22 Ka letsatsi le leng, yena le barutuwa ba hae ba kena ka sekepeng yaba o re ho bona: “A re tsheleleng ka lehlakoreng le leng la lewatle.” Ka hoo, ba qadisa leeto ka sekepe.+ 23 Empa ha ba ntse ba tsamaya ka sekepe a kgaleha. Ha eba le sefefo se matla lewatleng yaba sekepe se qala ho tlala metsi mme sa batla se teba.+ 24 Ka hoo, ba ya ho yena mme ba mo tsosa ba re: “Mosuwe, Mosuwe, re a shwa!” Ha a tsoha, a kgalemela sefefo le metsi a lwebehlanang mme sefefo sa kokobela, ha thola tu!+ 25 Jwale a re ho bona: “Ke hobaneng ha le se na tumelo?” Empa ba ne ba tshohile ba bile ba maketse, ba botsana ba re: “Hantlentle motho eo ke mang hobane o laela difefo le metsi mme di a mo mamela?”+
26 Yaba ba fihla lebopong naheng ya Bagerasa+ e ka lehlakoreng le leng la Lewatle la Galilea. 27 Empa ha a tswa ka sekepeng a kgahlanyetswa ke monna e mong ya neng a kenwe ke bademona. E ne e se e le nako a tsamaya a sa apara a bile a sa dule lapeng, a dula mabitleng.+ 28 Ha a bona Jesu, a itihela fatshe ka pela hae yaba o a hweletsa o re: “Hantle o mpatlang Jesu Mora wa Modimo Ya Phahameng ka ho Fetisisa? Ke kopa o se ke wa ntlhokofatsa.”+ 29 (Ka ha Jesu o ne a ntse a laela bademona bao hore ba tswe ho monna eo. Ba ne ba mo hlasela hangata*+ ebe batho ba mo fasa ka diketane ebile ba mo kata. Empa o ne a di kgaola ebe bademona bao ba mo isa naheng.) 30 Jesu a re ho yena: “O mang?” A re: “Ke Legione” hobane o ne a kenwe ke bademona ba bangata. 31 Bademona bao ba nna ba kopa Jesu hore a se ke a ba laela hore ba ye ka sekoting se tebileng.*+ 32 Ho ne ho ena le mohlape o moholo wa dikolobe+ o ntseng o fula thabeng ka hoo, ba mo kopa hore a ba dumelle ho kena ho tsona yaba o a ba dumella.+ 33 Bademona bao ba tswa ho monna eo yaba ba kena dikolobeng mme dikolobe tseo kaofela tsa mathela selomong tsa wela ka lewatleng yaba di kgangwa ke metsi. 34 Ha badisa ba bona ntho e etsahetseng, ba baleha mme ba e tlaleha motseng le dibakeng tse ka thoko.
35 Batho ba tswa ho ya bona hore na ho etsahetseng. Ba tla ho Jesu mme ba fumana monna eo bademona ba tswileng ho yena a apere a bile a hlaphohetswe kelellong, a dutse maotong a Jesu yaba ba a tshoha. 36 Batho ba boneng hore na ho etsahetseng ba ba bolella hore na monna eo ya neng a ena le bademona o fodisitswe jwang. 37 Batho ba bangata ba tswang naheng ya Bagerasa ba kopa Jesu hore a tsamaye hobane ba ne ba tshohile haholo. Ka hoo, a kena sekepeng a tsamaya. 38 Le ha ho le jwalo, monna eo bademona ba tswileng ho yena a nna a kopa ho tsamaya le Jesu empa Jesu a hana a re:+ 39 “Kgutlela hae mme o nne o bolelle batho dintho tseo Modimo a o etseditseng tsona.” Ka hoo, a tsamaya a bolella batho ba motse kaofela hore na Jesu o mo etseditseng.
40 Ha Jesu a kgutlela Galilea, batho ba bangata ba mo amohela ka mosa hobane kaofela ba ne ba mo lebeletse.+ 41 Molaodi e mong ya okamelang ntlo ya thapelo* ya bitswang Jairuse a tla yaba o itihela maotong a Jesu, a mo kopa hore a kene ka tlung ya hae+ 42 hobane moradi wa hae ya mong ya neng a ka ba dilemo di 12 o ne a le makgatheng a lefu.
Eitse ha Jesu a re o a ya, letshwele la mo petetsa. 43 Ho ne ho ena le mosadi ya neng a ena le bothata ba phallo ya madi+ ka dilemo tse 12 mme ho se na motho ya kgonang ho mo phekola.+ 44 A tla ho Jesu a mo hlaha ka morao, a tshwara ditjobo tsa seaparo sa hae+ yaba hanghang o a fola. 45 Jesu a re: “Ke mang ya nthetsitseng?” Kaofela ba itatola. Petrose yena a re: “Mosuwe, batho ba o potapotileng ba bangata ebile ba o peteditse.”+ 46 Empa Jesu a re: “Ho na le motho ya nthetsitseng hobane ke utlwile ha matla+ a tswa ho nna.” 47 Ha mosadi eo a hlokomela hore ha a na mokgwa wa ho ipata, a kgumama ka pela Jesu a ntse a thothomela, a mo hlalosetsa ka pela batho lebaka leo a mo tshwereng ka lona le ka moo a fodisitsweng hanghang ka teng. 48 Jesu a re ho yena: “Ngwaneso,* tumelo ya hao e o fodisitse. Tsamaya ka kgotso.”+
49 Ha a sa ntse a bua, ha fihla monna ya tswang lelapeng la molaodi ya okamelang ntlo ya thapelo* a re: “Moradi wa hao o hlokahetse, o se ke wa hlola o tshwenya Mosuwe.”+ 50 Ha Jesu a utlwa ditaba tsena a re: “O se ke wa tshoha, o be le tumelo, moradi wa hao o tla phela hape.”*+ 51 Ha a fihla ntlong, a dumella Petrose, Johanne, Jakobo le batswadi ba ngwana feela hore ba kene le yena ka tlung. 52 Batho bohle ba ne ba bokolla hobane ba utlwile bohloko ka lebaka la mofu. Empa Jesu a re ho bona: “Kgaotsang ho lla+ hobane ha a shwa, o robetse.”+ 53 Ba mo tsheha hobane ba tseba hore ngwana o shwele. 54 A mo tshwara ka letsoho a mo hweletsa a re: “Ngwanana, tsoha!”+ 55 A tsoha* hanghang+ yaba Jesu o re a fuwe dijo. 56 Batswadi ba hae ba ne ba thabile haholo empa Jesu a ba laela hore ba se ke ba bolella batho hore na ho etsahetseng.+