Diketso Tsa Baapostola
17 Ba feta le Amfipolise le Apolonia yaba ba fihla Thesalonika+ moo ho neng ho ena le ntlo ya Bajuda ya thapelo.* 2 Pauluse a kena ka tlung ya thapelo jwalo ka ha a ne a tlwaetse+ mme ka disabatha tse tharo a buisana le bona a tshetleha mabaka a hae ka Mangolo.+ 3 O ne a ba hlalosetsa a bile a ba bontsha ka Mangolong hore ho ne ho hlokahala hore Kreste a utlwe bohloko+ le hore a tsohe bafung.+ O ne a re: “Jesu enwa eo ke le bolellang ka yena, ke yena Kreste.” 4 Ka lebaka leo, ba bang ba bona ya eba badumedi mme ba ikopanya le Pauluse le Silase.+ Bagerike ba bangata ba rapelang Modimo le basadi ba bangata ba hlaheletseng le bona ba ikopanya le bona.
5 Bajuda ba bang ba eba mona+ yaba ba bokella banna ba kgopo ba neng ba solla mmarakeng. Ba ikopanya yaba ba baka moferefere motseng. Ba hlasela ntlo ya Jasone mme ba batla hore Pauluse le Silase ba tliswe ho bona. 6 Ha ba sa ba fumane, ba isa Jasone le barutuwa ba bang ho babusi ba motse, ba tletleba ba re: “Banna bana ba ferekantseng lefatshe lohle ba se ba le teng mona,+ 7 jwale Jasone yena o ba amohetse ha hae. Batho bana kaofela ba etsa dintho tse kgahlanong le melao ya Sesare, ba re ho na le morena e mong ya bitswang Jesu.”+ 8 Ha letshwele le babusi ba motse ba utlwa ditaba tsena ba halefa. 9 Ba re Jasone le ba bang ba patale* e le hore ba lokollwe. Ka mora moo ba ba lokolla.
10 Eitse ha e eba bosiu, barutuwa ba isa Pauluse le Silase Berea. Ha Pauluse le Silase ba fihla moo, ba ya ka tlung ya Bajuda ya thapelo.* 11 Baberea ba ne ba ikemiseditse ho ithuta ho feta Bathesalonika ka ha ba ile ba amohela lentswe la Modimo ka dipelo tsohle. Ba ne ba hlahloba Mangolo ka hloko letsatsi le leng le le leng ho tiisa hore na dintho tseo ba di utlwileng ke nnete kapa tjhe. 12 Ka hoo, batho ba bangata ba Berea ho akareletsa le banna le basadi ba bangata ba Bagerike ba hlomphuwang ya eba badumedi. 13 Ha Bajuda ba Thesalonika ba utlwa hore Pauluse o phatlalatsa lentswe la Modimo Berea, ba tla teng ho tla hlohlelletsa le ho ferekanya batho.+ 14 Barutuwa ba isa Pauluse lewatleng hanghang+ empa Silase le Timothea ba sala moo. 15 Batho ba feleheditseng Pauluse ba mo fihlisa Athene. Pauluse a re ba jwetse Silase le Timothea hore ba tle ho yena kapele+ yaba barutuwa bao ba a tsamaya.
16 Ha Pauluse a ntse a le Athene a ba emetse, a utlwa a tenehile ha a bona hore motse oo o tletse medimo ya ditshwantsho. 17 Ka hoo, a ya ntlong ya thapelo,* a ruta Bajuda le batho ba bang ba neng ba rapela Modimo. O ne a boetse a ya mmarakeng letsatsi le leng le le leng ho ya ruta mang kapa mang eo a ka mo fumanang. 18 Empa borafilosofi ba bang ba Baepikure le ba Bastoike ba pheha kgang le yena mme ba bang ba re: “Lehlanya lee le buang haholo le batla ho reng?” Ba bang bona ba re: “Ekare o buella medimo esele.” Ba ne ba tjho jwalo hobane a bua ka ditaba tse monate tsa Jesu le tsoho ya bafu.+ 19 Ka hoo ba mo isa Areopago yaba ba re: “Thuto eo e ntjha eo o buang ka yona keng? 20 Re utlwa o bua dintho tseo re qalang ho di utlwa jwale re batla ho tseba hore na di bolelang.” 21 Baathene bohle le batho ba ditjhaba ba dulang* moo ba ne ba sa etse letho nakong ya bona ya phomolo haese hore feela ba mamele kapa ba bue ka dintho tse ntjha. 22 Pauluse a ema hara Areopago+ a re:
“Banna ba Athene, ke a bona hore le hlompha medimo ho feta ka moo batho ba bang ba e hlomphang ka teng.+ 23 Mohlala, ha ke ntse ke tsamaya ke shebisisa dintho tseo le di rapelang, ke ile ka fumana aletare e ngotsweng: ‘Ho Modimo ya sa Tsejweng.’ Ka hona, ke tlo le bolella ka yena Modimo eo le ntseng le mo rapela empa le sa mo tsebe. 24 Modimo ya entseng lefatshe le dintho tsohle tse ho lona e leng Morena wa lehodimo le lefatshe,+ ha a dule ditempeleng tse entsweng ka matsoho.+ 25 Ebile ha a hlokomelwe ke batho jwalo ka ha eka o hloka letho+ hobane o fa batho bohle bophelo, phefumoloho+ le dintho tsohle. 26 O entse hore ditjhaba tsohle di tswe ho motho a le mong+ le hore di dule lefatsheng.+ O behile dinako tsa hore na dintho tse itseng di etsahale neng a ba a sehela batho meedi ya hore na ba dule kae+ 27 e le hore ba batle Modimo. Haeba ba leka ho mo batla ba ka mo fumana+ hobane ha a hole le rona. 28 Ke ka yena re phelang, re sisinyehang mme re leng teng. Le ba bang ba diroki tsa lona ba itse, ‘Le rona re bana ba hae.’
29 Ka ha re bana ba Modimo,+ ha re a tshwanela ho nahana hore Modimo o tshwana le setshwantsho sa kgauta, silevera kapa lejwe. Ha a tshwane le dintho tseo batho ba iqapetseng tsona yaba ba di etsa ka matsoho a bona.+ 30 Ke nnete Modimo o ile a iphapanyetsa dintho tsena tseo batho ba di entseng ka ho se tsebe.+ Empa hona jwale o bolella batho bohle hore ba bake 31 hobane o behile letsatsi leo ka lona a tla ahlola+ lefatshe ka toka a sebedisa monna eo a mo kgethileng. O ile a tsosa monna eo bafung mme ka ho etsa jwalo a kgodisa batho bohle hore letsatsi leo le tla fihla.”+
32 Ha ba utlwa a bua ka tsoho ya bafu, ba bang ba mo soma+ empa ba bang ba re: “Re tla o mamela hape nakong e tlang ha o bua ka taba ena.” 33 Pauluse a itsamaela 34 empa batho ba bang ba ikopanya le yena mme ya eba badumedi. Hara bona ho ne ho ena le moahlodi wa lekgotla la Areopago ya bitswang Dionisiase, mosadi ya bitswang Damarise le ba bang.