Moeklesia
11 Lahlela bohobe ba hao ka metsing+ ka ha ka mora matsatsi a mangata o tla boela o bo fumane.+ 2 Fana ka karolo ya dintho tsa hao ho batho ba supileng kapa ba robedi+ etswe ha o tsebe hore na ho tla hlaha tlokotsi efe lefatsheng.
3 Haeba maru a tletse metsi, a tla tshollela pula lefatsheng mme haeba sefate se wela ka borwa kapa ka leboya, se tla dula sebakeng seo se welang ho sona.
4 Motho ya shebellang moya a ke ke a jala peo, le motho ya shebang maru a ke ke a kotula.+
5 Feela jwalo ka ha o sa tsebe tsela eo moya o sebetsang ka yona masapong a ngwana ya ka mpeng* ya moimana,+ ka mokgwa o tshwanang ha o tsebe mosebetsi wa Modimo wa nnete, ya etsang dintho tsohle.+
6 Jala peo ya hao hoseng mme o se ke wa dumella letsoho la hao hore le phomole ho fihlela ka shwalane+ etswe ha o tsebe hore na ke efe e tla atleha ebang ke ena kapa yane kapa hore na ka bobedi di tla atleha.
7 Lesedi le monate mme ho hotle hore mahlo a bone letsatsi. 8 Haeba motho a ka phela dilemo tse ngata, a di thabele kaofela.+ Empa a hopole hore matsatsi a lefifi a ka ba mangata. Matsatsi ohle a lefifi a tlang ke lefeela.+
9 Motjha, o thabe ha o sa le motjha mme pelo ya hao e thabe matsatsing a botjha ba hao. O latele thato ya pelo ya hao mme o ye moo mahlo a hao a o lebisang teng. Empa tseba hore Modimo wa nnete o tla o ahlola* ka lebaka la dintho tsena tsohle.+ 10 Ka hoo, tlosa dikgathatso pelong ya hao mme o qobe dintho tse kotsi mmeleng wa* hao etswe mahlahahlaha a botjha ke lefeela.+