Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Diproverbia 23
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

Kakaretso ya Diproverbia

    • MAELE A SOLOMONE (10:1–24:34)

Diproverbia 23:2

Dinaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “behe thipa mmetsong wa hao.”

  • *

    Kapa: “o kgala.”

Diproverbia 23:4

Dinaletsana

  • *

    Kapa mohlomong: “Tlohela ho etsa dintho ho ya ka kutlwisiso ya hao.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Diprov. 28:20; Joh 6:27; 1Ti 6:9, 10

Di-Index

  • Tataiso ya ho Etsa Dipatlisiso

    Tora ya ho Lebela (Ya Batho Kaofela),

    No. 3 2021 leq. 8

Diproverbia 23:5

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Jo 2:16, 17
  • +Diprov. 27:24

Di-Index

  • Tataiso ya ho Etsa Dipatlisiso

    Tora ya ho Lebela (Ya Batho Kaofela),

    No. 3 2021 leq. 8

Diproverbia 23:7

Dinaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “pelo ya hae ha e yo ho wena.”

Diproverbia 23:9

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Diprov. 9:7; 26:4
  • +Mat 7:6

Diproverbia 23:10

Dinaletsana

  • *

    Kapa: “bana ba se nang bontate.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 19:14; Diprov. 22:28

Diproverbia 23:11

Dinaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “Molopolli.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 22:22, 23; Pes. 10:14

Diproverbia 23:13

Dinaletsana

  • *

    Kapa: “moshanyana; motjha.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Diprov. 13:24; 19:18; Ef 6:4

Diproverbia 23:14

Dinaletsana

  • *

    Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Diproverbia 23:15

Dinaletsana

  • *

    Kapa: “ha pelo ya hao e hlalefa.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Diprov. 27:11; 3Jo 4

Di-Index

  • Tataiso ya ho Etsa Dipatlisiso

    Tora ya ho Lebela (E Ithutwang),

    4/2017, leq. 32

Diproverbia 23:16

Dinaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “Diphio tsa ka di tla thaba.”

Di-Index

  • Tataiso ya ho Etsa Dipatlisiso

    Tora ya ho Lebela (E Ithutwang),

    4/2017, leq. 32

Diproverbia 23:17

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pes. 37:1
  • +Pes. 111:10; 2Ko 7:1

Diproverbia 23:18

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pes. 37:37; Diprov. 24:14

Diproverbia 23:19

Dinaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “o tsamaise pelo ya hao.”

Diproverbia 23:20

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Diprov. 20:1; Esa 5:11; Bar 13:13; 1Pe 4:3
  • +Diprov. 28:7; 1Ko 10:31

Di-Index

  • Tataiso ya ho Etsa Dipatlisiso

    O ka Thaba ka ho sa Feleng!, thuto 43

Diproverbia 23:21

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 21:20, 21; Diprov. 21:17

Diproverbia 23:22

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 20:12; 21:17; Mat 15:5, 6; Ef 6:1

Diproverbia 23:23

Dinaletsana

  • *

    Kapa: “Fumana.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Baf 3:7, 8
  • +Diprov. 4:5; 16:16

Di-Index

  • Tataiso ya ho Etsa Dipatlisiso

    O ka Thaba ka ho sa Feleng!, thuto 12

    Tora ya ho Lebela (E Ithutwang),

    12/2018, leq. 9

    11/2018, maq. 3-7, 8-12

Diproverbia 23:24

Di-Index

  • Tataiso ya ho Etsa Dipatlisiso

    O ka Thaba ka ho sa Feleng!, thuto 50

Diproverbia 23:25

Di-Index

  • Tataiso ya ho Etsa Dipatlisiso

    O ka Thaba ka ho sa Feleng!, thuto 50

Diproverbia 23:26

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pes. 107:43

Diproverbia 23:27

Dinaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “moditjhaba.” Sheba Diprov. 2:16.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Diprov. 22:14

Diproverbia 23:28

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Diprov. 7:10, 12; Moek. 7:26

Diproverbia 23:30

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Diprov. 20:1; Ef 5:18

Diproverbia 23:33

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Hos 4:11

Diproverbia 23:35

Dinaletsana

  • *

    Kapa: “empa ha ke a utlwa letho.”

  • *

    Kapa: “Ke tla e batla hape.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ge 19:33

Dibibele Tse Ding

Penya nomoro ya temana ho hlahisa diphetolelo tse ding tsa temana eo.

Ditemana Tse Ding

Diprov. 23:4Diprov. 28:20; Joh 6:27; 1Ti 6:9, 10
Diprov. 23:51Jo 2:16, 17
Diprov. 23:5Diprov. 27:24
Diprov. 23:9Diprov. 9:7; 26:4
Diprov. 23:9Mat 7:6
Diprov. 23:10De 19:14; Diprov. 22:28
Diprov. 23:11Ex 22:22, 23; Pes. 10:14
Diprov. 23:13Diprov. 13:24; 19:18; Ef 6:4
Diprov. 23:15Diprov. 27:11; 3Jo 4
Diprov. 23:17Pes. 37:1
Diprov. 23:17Pes. 111:10; 2Ko 7:1
Diprov. 23:18Pes. 37:37; Diprov. 24:14
Diprov. 23:20Diprov. 20:1; Esa 5:11; Bar 13:13; 1Pe 4:3
Diprov. 23:20Diprov. 28:7; 1Ko 10:31
Diprov. 23:21De 21:20, 21; Diprov. 21:17
Diprov. 23:22Ex 20:12; 21:17; Mat 15:5, 6; Ef 6:1
Diprov. 23:23Baf 3:7, 8
Diprov. 23:23Diprov. 4:5; 16:16
Diprov. 23:26Pes. 107:43
Diprov. 23:27Diprov. 22:14
Diprov. 23:28Diprov. 7:10, 12; Moek. 7:26
Diprov. 23:30Diprov. 20:1; Ef 5:18
Diprov. 23:33Hos 4:11
Diprov. 23:35Ge 19:33
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
  • 30
  • 31
  • 32
  • 33
  • 34
  • 35
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Diproverbia 23:1-35

Diproverbia

23 Ha o dula fatshe o ja le morena,

O be hlokolosi ha o ja tse ka pela hao.

 2 O ithibe*

Haeba o le pelo e tshweu.*

 3 O se ke wa kgalla dijo tsa hae tse hlabosang

E le hore o se ke wa thetswa ka tsona.

 4 O se ke wa sebetsa ka thata hore o fumane maruo.+

Kgaotsa ho etsa jwalo mme o bontshe hore o na le kutlwisiso.*

 5 Ha o a shebisisa, a tla be a le siyo,+

A tla mela mapheo mme a fofele hodimo jwalo ka ntsu.+

 6 O se ke wa ja dijo tsa motho ya timanang,

O se ke wa kgalla dijo tsa hae tse hlabosang.

 7 Ekare o ntse a bala hore na o ja hakae.

O re ho wena: “Ja mme o nwe” empa ka pelong ha a tjho jwalo.*

 8 O tla hlatsa dijo tseo o di jeleng

Mme pabatso ya hao e tla be e se na thuso.

 9 O se ke wa bua le motho ya hlokang kelello+

Hobane a ke ke a hlompha bohlale ba mantswe a hao.+

10 O se ke wa tjhetjhisa moedi wa kgale+

Kapa wa kena tshimong ya dikgutsana*

11 Hobane Mosireletsi* wa bona o matla,

O tla ba emela mme a o lwantshe.+

12 Mamela kgalemelo ka pelo ya hao yohle,

O mamele dipolelo tsa tsebo.

13 O se ke wa tima ngwana* kgalemelo.+

Haeba o mo shapa ka thupa, a ke ke a shwa.

14 O lokela ho mo shapa ka thupa

E le hore o mo pholose Lebitleng.*

15 Mora wa ka, ha o hlalefa,*

Pelo ya ka e tla thaba.+

16 Ke tla thaba ka pelo ya ka kaofela*

Ha molomo wa hao o bua dintho tse lokileng.

17 Pelo ya hao e se ke ya kgalla baetsadibe+

Empa o tshabe Jehova ka dinako tsohle.+

18 O tla ba le bokamoso+

Mme tshepo ya hao e ke ke ya fela.

19 Mora wa ka, mamela, o hlalefe

Mme o tsamaye* tseleng e nepahetseng.

20 O se ke wa ba hara ba nwang veine haholo,+

Hara ba jang nama ho feta tekano.+

21 Letahwa le motho ya jang ho feta tekano ba tla futsaneha,+

Ho otsela ha bona ho tla ba apesa marantha.

22 Mamela ntate wa hao ya o tswalang.

O se ke wa tella mme wa hao hobane feela a tsofetse.+

23 Reka* nnete mme o se ke wa e rekisa le ka mohla.+

Reka le bohlale, tayo le kutlwisiso.+

24 Ruri ntate wa motho ya lokileng o tla thaba,

Mang kapa mang eo e leng motswadi wa mora ya bohlale o tla thabiswa ke yena.

25 Ntate wa hao le mme wa hao ba tla thaba,

Mme wa hao ya o tswetseng o tla nyakalla.

26 Mora wa ka, o mmamele ka pelo yohle,

E se eka o ka thabela ho tsamaya ditseleng tsa ka.+

27 Letekatse ke sekoti se tebileng,

Mosadi ya boitshwaro bo bobe* ke sediba se moqotetsane.+

28 O lalla jwalo ka leshodu,+

O eketsa palo ya banna ba sa tshepahaleng.

29 Ke mang ya nang le bomadimabe? Ke mang ya sulafaletsweng?

Ke mang ya dikgang? Ke mang ya dikomang?

Ke mang ya nang le maqeba ntle ho lebaka? Ke mang ya mahlo a lerootho?

30 Ke ya dulelang ho nwa veine nako e telele,+

Ya ntseng a batla veine e tswakilweng.

31 O se ke wa sheba mmala o mofubedu wa veine

Ha e shebahala e le monate ka koping, e lelemela ha monate

32 Hobane qetellong e loma jwalo ka noha,

E ntsha tjhefo jwalo ka marabe.

33 Mahlo a hao a tla bona dintho tse sa tlwaelehang,

Pelo ya hao yona e tla bua dintho tse tswileng tseleng.+

34 O tla ba jwalo ka motho ya robetseng bohareng ba lewatle,

O be jwalo ka motho ya robetseng hodimo palong e tshehetsang seile ya sekepe.

35 O tla re: “Ba ntjhapile empa ha ke a utlwa bohloko.*

Ba nkotlile empa ha ke hopole le ho hopola.

Ke tla tsoha neng?+

Ke hloka veine e nngwe hape.”*

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela