11 Jehova o nyonya sekala sa ho bekga se qhekellang
Empa o kgahliswa ke sekala se bekgang ka tsela e nepahetseng.+
2 Ha motho a iketelletsa pele, o tla lahlehelwa ke tlhompho+
Empa bohlale bo ho ba inyenyefatsang.+
3 Botshepehi ba ba lokileng ke bona bo ba tataisang+
Empa leshano la ba bolotsana le tla ba timetsa.+
4 Maruo a ke ke a thusa letsatsing la kgalefo ya Modimo+
Empa ho loka ho tla lopolla lefung.+
5 Diketso tse ntle tsa ya lokileng di tla otlolla tsela ya hae
Empa ya kgopo o tla wa ka lebaka la bokgopo ba hae.+
6 Ba lokileng ba tla pholoswa ke ho loka ha bona+
Empa balotsana ba tla tshwaswa ke dintho tseo ba di ratang.+
7 Ha motho ya kgopo a shwa, tshepo ya hae e a fela
Esita le matla ao a neng a a tshepile a a fela.+
8 Ya lokileng o pholoswa mahlomoleng
Empa ya kgopo o kena ho ona.+
9 Mokwenehi o fedisa moahisani wa hae ka dipuo
Empa ba lokileng ba pholoswa ke ho ba le tsebo.+
10 Dintho tse molemo tse etswang ke batho ba lokileng di tlisa thabo motseng
Empa ha ba kgopo ba timela ho ba le mohoo wa thabo.+
11 Tlhohonolofatso eo ba lokileng ba e fumanang e haha motse+
Empa mantswe a ba kgopo a senya motse.+
12 Motho ya se nang kelello ha a hlomphe moahisani wa hae
Empa motho ya nang le temoho o a ithiba.+
13 Ya ratang ho senya batho lebitso o ntsha makunutu+
Empa motho ya tshepahalang o boloka lekunutu.
14 Ha batho ba sa tataiswe ka bohlale, ba a wa
Empa ha baeletsi ba le bangata batho ba a atleha.+
15 Motho ya itlamang hore o tla patala sekoloto sa e mong o ikenya mathateng+
Empa ya sa potlakeleng ho etsa ditumellano o tla qoba mathata.
16 Mosadi ya mosa o iphumanela thoriso+
Empa banna ba bahatelli ba ikgapela maruo.
17 Motho ya mosa o itswela molemo+
Empa motho ya sehloho o ipakela dikgathatso.+
18 Ya kgopo o amohela moputso o se nang thuso+
Empa ya jalang ho loka o kotula moputso wa nnete.+
19 Ya dulang a etsa dintho tse lokileng o tla fumana bophelo+
Empa ya kgothalletseng ho etsa bokgopo o tla shwa.
20 Jehova o nyonya ba dipelo di bolotsana+
Empa ba dulang ba tshepahala ba a mo thabisa.+
21 Kgodiseha hore motho ya kgopo o tla fuwa kotlo+
Empa bana ba ya lokileng ba tla pholoha.
22 Mosadi e motle empa a se na kelello
O jwalo ka lesale la kgauta sefeneng sa kolobe.
23 Takatso ya ba lokileng e qetella ka botle+
Empa tshepo ya ba kgopo e fehla kgalefo.
24 Ya fanang o qetella a ena le ho hongata le ho feta+
Empa ya timanang le ha a lokela ho fana, o qetella e le mofutsana.+
25 Motho ya fanang o tla atleha,+
Ya kgathollang ba bang le yena o tla kgathollwa.+
26 Batho ba tla rohaka ya timanang ka dijo
Empa ba tla hlohonolofatsa ya di rekisang.
27 Ya kgothallang ho etsa se molemo o tla hauhelwa+
Empa ya phehellang ho etsa bobe, jwang kapa jwang bobe bo tla mo wela hodimo.+
28 Ya tshepang maruo a hae o tla wa+
Empa ba lokileng ba tla atleha feela jwalo ka makgasi a matala.+
29 Mang kapa mang ya tlisetsang ba ntlo ya hae dikgathatso a ke ke a fumana letho,+
Sethoto se tla sebeletsa ya bohlale.
30 Ditholwana tsa ya lokileng ke sefate sa bophelo,+
Ya hapang dipelo tsa ba bang o bohlale.+
31 Haeba ya lokileng o tla fumana moputso o mo loketseng lefatsheng,
Hakaakang ka ya kgopo le moetsadibe.+