Esaia
Hopolang lefika leo le fatilweng ho lona
Le kwari eo le ntshitsweng ho yona.
3 Jehova o tla tshedisa Sione,+
A tshedise dithako tsohle tsa yona+
Mme o tla etsa hore lefeella la yona le be jwalo ka Edene+
Thabo e kgaphatsehang le nyakallo di tla fumanwa ho yona,
Diteboho le pina e monate.+
Molao o tla tswa ho nna.+
Ke tla etsa hore toka ya ka e be lesedi ho ditjhaba.+
5 Ho loka ha ka ho a atamela.+
6 Phahamisetsang mahlo mahodimong,
Le shebe tlase lefatsheng.
Mahodimo a tla nyamela jwalo ka mosi.
Lefatshe le tla tsofala jwalo ka seaparo
Le baahi ba lona ba shwe jwalo ka menwang.
7 Mmameleng, lona ba tsebang se lokileng,
Lona setjhaba seo molao* wa ka o leng ka dipelong tsa sona.+
Le se ke la tshaba ho nyefolwa ke batho ba nama le madi.
Le se ke la tshoswa ke ditlhapa tsa bona.
Empa ho loka ha ka ho tla dula ho le teng ka mehla le mehla
Le poloko ya ka melokong yohle.”+
Tsoha jwalo ka matsatsing a kgale, jwalo ka melokong ya kgale.
10 Na ha se wena ya pshesitseng lewatle, metsi a bodiba bo boholo?+
Ya entseng bodiba ba lewatle tsela e le hore ba lopolotsweng ba tshele?+
11 Ba lopolotsweng ba Jehova ba tla kgutla.+
Ba tla tla Sione ba hweletsa ba thabile.+
Ba tla rwala korone ya thabo ho ya ho ile.+
Ba tla fumana thabo e kgaphatsehang le nyakallo.
Mesarelo le masisapelo di tla baleha.+
Ke hobaneng ha o tshaba motho feela wa nama le madi ya tla itjhwella+
Le mora wa motho ya tla pona jwalo ka jwang bo botala?
13 Ke hobaneng ha o lebala Jehova Mmopi wa hao,+
Ya otlollang mahodimo+ le ya ralang motheo wa lefatshe?
O ne o tshohile kgalefo ya mohatelli* letsatsi lohle
Jwalo ka ha eka o ne a itokiseditse ho o timetsa.
E kae jwale kgalefo ya mohatelli?
14 Ya tlanngweng ka diketane o tla lokollwa haufinyane.+
A ke ke a shwa yaba o ya sekoting,
Bohobe ba hae bo ke ke ba haella.
15 Empa ke nna Jehova Modimo wa hao,
Ya fuduhang lewatle le ya etsang hore maqhubu a lona a lwebehlane.+
Lebitso la ka ke Jehova wa mabotho.+
16 Ke tla o bolella mantswe ao o lokelang ho a bua,
Ke o kwahele ka moriti wa letsoho la ka+
E le hore ke thehe mahodimo le ho rala motheo wa lefatshe+
Le hore ke re ho Sione: ‘Le setjhaba sa ka.’+
17 Tsoha, tsoha, phahama, wena Jerusalema,+
Wena ya nweleng kopi ya Jehova ya kgalefo letsohong la hae.
Le nwele kopi,
Le menyeleditse kopi e etsang hore le thekesele.+
18 Ha ho le ya mong wa bana bohle bao o ba tswetseng ya teng ho o tataisa.
Ha ho le ya mong wa bana bohle bao o ba hodisitseng ya tshwereng letsoho la hao.
19 Dintho tsena tse pedi di tla o wela hodimo.
Ke mang ya tla o utlwela bohloko?
O tla tlatlapuwa mme o fediswe. O tla lapa mme o bolawe ka sabole.+
Ke mang ya tla o tshedisa?+
Ba tletse kgalefo e tswang ho Jehova le kgalemelo e matla e tswang ho Modimo wa hao.”
21 Jwale ka kopo, mamela mona
Wena mosadi ya mahlomoleng le ya tahilweng empa o sa tahwa ke veine.
22 Morena wa hao, Jehova, Modimo wa hao, ya lwanelang batho ba hae o re:
“Ke tla tlosa kopi e etsang hore o thekesele letsohong la hao,+
Senwelo, kopi ya ka ya kgalefo.
Ha o sa tla hlola o nwella ho yona.+