Genese
26 Ho ne ho ena le tlala naheng, ntle le e ileng ya eba teng mehleng ya Abrahama,+ hoo Isaka a ileng a ya Gerare ho Abimeleke morena wa Bafilista. 2 Jehova a hlaha ho yena a re: “O se ke wa theohela Egepeta. Dula naheng eo ke o bontshang yona. 3 Dula naheng ena o le moditjhaba,+ ke tla ba le wena mme ke o hlohonolofatse. Ke tla fa wena le bana* ba hao dinaha tsena kaofela+ mme ke phethahatse kano eo ke e entseng ho ntate wa hao Abrahama+ ha ke ne ke re: 4 ‘Ke tla etsa hore bana* ba hao ba be bangata jwalo ka dinaledi tsa mahodimo+ mme ke tla ba fa dinaha tsena tsohle.+ Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofatswa* ka lebaka la bana* ba hao’+ 5 hobane Abrahama o ile a mmamela, a mamela ditaelo tsa ka le melao yohle ya ka.”+ 6 Isaka a nna a dula Gerare.+
7 Ha banna ba sebaka seo ba botsa ka mosadi wa hae o ne a re: “Ke kgaitsedi ya ka.”+ Ka ha Rebeka o ne a le motle,+ Isaka o ne a tshaba ho re ke mosadi wa hae hobane o ne a re, “Banna ba sebaka sena ba ka nna ba mpolaya ka lebaka la Rebeka.” 8 Ka mora nako e itseng, Abimeleke morena wa Bafilista a sheba ka fensetere mme a bona Isaka a ntse a tshwaratshwara Rebeka mosadi wa hae.+ 9 Hanghang Abimeleke a bitsa Isaka a re: “Athe ke mosadi wa hao? Ke hobaneng ha o itse ke kgaitsedi ya hao?” Isaka a re ho yena: “Ke buile jwalo hobane ke tshaba hore ke tla shwa ka lebaka la hae.”+ 10 Abimeleke a boela a re: “O re entseng?+ E mong wa batho ba ka a ka be a robetse le mosadi wa hao mme o ka be o entse hore re be molato.”+ 11 Abimeleke a re ho batho bohle: “Motho ya tla thetsa monna enwa le mosadi wa hae o tla bolawa.”
12 Isaka a lema naheng eo. Seo a se kotutseng selemong seo se ne se feta seo a se jetseng ka makgetlo a 100 ka ha Jehova o ne a mo hlohonolofatsa.+ 13 Isaka a nna a atleha ho fihlela e se e le morui. 14 Isaka a ba le dinku le dikgomo tse ngata le bahlanka ba bangata+ mme Bafilista ba qala ho mo monela.
15 Bafilista ba nka mobu mme ba kata didiba tsohle tse neng di tjhekilwe ke bahlanka ba ntate wa hae Abrahama+ mehleng ya hae. 16 Abimeleke a re ho Isaka: “Tloha motseng wa rona hobane o se o le matla ho re feta.” 17 Isaka a tloha moo yaba o hloma diahelo kgohlong* ya Gerare+ mme a dula teng. 18 Isaka a boela a tjheka didiba tse neng di tjhekilwe mehleng ya ntate wa hae Abrahama, tseo Bafilista ba ileng ba di kata ka mora lefu la Abrahama+ mme a di bitsa ka mabitso ao ntate wa hae a neng a di bitsa ka ona.+
19 Ha bahlanka ba Isaka ba ntse ba tjheka kgohlong,* ba fumana sediba sa metsi a hlwekileng. 20 Badisa ba Gerare ba ngangisana le badisa ba Isaka ba re: “Metsi ana ke a rona!” Isaka a reha sediba seo Eseke* hobane ba ne ba se tseka. 21 Ba tjheka sediba se seng mme le sona ba se tseka yaba o se reha Sitna.* 22 Ha morao a tloha moo mme a tjheka sediba se seng empa ha ba a ka ba se tseka. A se reha Rehobothe* mme a re: “Ke hobane Jehova o re file sebaka se seholo mme o entse hore re be bangata naheng ena.”+
23 A tloha moo a ya Beersheba.+ 24 Bosiung boo Jehova a hlaha ho yena a re: “Ke nna Modimo wa ntate wa hao Abrahama.+ O se ke wa tshoha+ ka ha ke na le wena mme ke tla o hlohonolofatsa, ke etse hore o be le bana* ba bangata ka lebaka la mohlanka wa ka Abrahama.”+ 25 Isaka a haha aletare moo yaba o bitsa lebitso la Jehova.+ A hloma tente ya hae+ mme bahlanka ba hae ba tjheka sediba moo.
26 Ha morao Abimeleke a tla ho yena a tswa Gerare a ena le moeletsi wa hae Ahuzathe le Fikole molaodi wa masole a hae.+ 27 Isaka a re ho bona: “Ke hobaneng ha le tlile ho nna empa le ntlhoile ebile le ntelekile motseng wa lona?” 28 Ba re: “Re bone hore Jehova o na le wena.+ Ka hoo re kopa ho etsa selekane le wena+ 29 sa hore o ke ke wa re etsa letho le lebe feela jwalo ka ha le rona re sa ka ra o tshwara hampe. Re o tshwere hantle ra o tlohela hore o itsamaele ka kgotso. Jehova o o hlohonolofaditse.” 30 A ba etsetsa mokete yaba ba a ja mme ba a nwa. 31 Ba tsoha hoseng ba etsa kano le yena.+ Ka mora moo Isaka a re ba tsamaye hantle yaba ba tsamaya ka kgotso.
32 Letsatsing leo, bahlanka ba Isaka ba tla mme ba mo bolella ka sediba seo ba neng ba se tjhekile+ mme ba re ho yena: “Re fumane metsi.” 33 A se reha Sheba. Ke ka lebaka leo motse oo o bitswang Beersheba+ ho fihlela kajeno.
34 Ha Esau a le dilemo di 40 a nyala Judithe moradi wa Beri wa Mohethe le Basmathe moradi wa Elone wa Mohethe.+ 35 Ba ne ba utlwisa Isaka le Rebeka bohloko haholo.+