Dipesaleme
Pesaleme ya Davida.
103 Ke tla rorisa Jehova,
Ke rorise lebitso la hae le halalelang ka pelo ya ka yohle.
2 Ke tla rorisa Jehova.
E se eka le ka mohla nke ke ka lebala dintho tsohle tseo a di entseng.+
4 O pholosa bophelo ba hae lebitleng.*+
O potapotilwe ke lerako le mohau wa hae.+
5 O mo fa dintho tse mo kgotsofatsang+ bophelo bohle ba hae
Hore a dule a le motjha a bile a ena le matla jwalo ka ntsu.+
10 Ha a re fe kotlo e re tshwanelang ho latela dibe tsa rona+
Ebile ha a re fe moputso o re tshwanelang ho latela diphoso tsa rona.+
12 Feela jwalo ka ha botjhabela bo le hole le bophirimela,
Ka ho tshwanang o suthiseditse diphoso tsa rona hole le rona.+
15 Motho o shwa kapele jwalo ka jwang.+
O thunya jwalo ka palesa ya naheng.+
17 Empa Jehova o rata ba mo tshabang+
Ka lerato le sa feleng
Le ditloholo tsa bona o tla di tshwara ka tsela e lokileng,+
18 O etsa jwalo ho ba bolokang selekane sa hae+
Le ho ba ikemiseditseng ho latela ditaelo tsa hae.
19 Jehova o tiisitse terone ya hae mahodimong.+
Ebile o busa ntho e nngwe le e nngwe.+
22 Rorisang Jehova hohle moo a busang teng,
Lona mesebetsi yohle ya hae.
E se eka nka rorisa Jehova ka pelo yohle ya ka.