Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Tshenolo 11
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

Kakaretso ya Tshenolo

      • Dipaki tse pedi (1-13)

        • Di profeta ka matsatsi a 1 260 di tenne lesela le hwashang (3)

        • Di a bolawa ebe ha di patwe (7-10)

        • Di tsoswa ka mora matsatsi a mararo le halofo (11, 12)

      • Bomadimabe ba bobedi bo fetile, ba boraro bo a tla (14)

      • Terompeta ya bosupa (15-19)

        • Mmuso wa Morena wa rona le wa Kreste wa hae (15)

        • Ba senyang lefatshe ba tla fediswa (18)

Tshenolo 11:1

Dinaletsana

  • *

    Kapa: “thupa e methang.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 40:3

Di-Index

  • Tataiso ya ho Etsa Dipatlisiso

    Phetolelo ya Lefatshe le Letjha, maq. 1964, 2049

Tshenolo 11:2

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Tshe 21:2
  • +Tshe 13:5

Tshenolo 11:3

Di-Index

  • Tataiso ya ho Etsa Dipatlisiso

    Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso,

    12/2019, leq. 3

    Borapedi ba Nnete, leq. 118

Tshenolo 11:4

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Zak 4:3, 11
  • +Zak 4:12; Mat 5:14
  • +Zak 4:14

Tshenolo 11:6

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 17:1; LUKA 4:25; Jak 5:17
  • +Ex 7:19

Tshenolo 11:7

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Tshe 12:17; 13:7

Di-Index

  • Tataiso ya ho Etsa Dipatlisiso

    Tora ya ho Lebela (E Ithutwang),

    5/2020, leq. 6

    Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso,

    12/2019, leq. 3

Tshenolo 11:9

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Tshe 11:11

Di-Index

  • Tataiso ya ho Etsa Dipatlisiso

    Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso,

    12/2019, leq. 3

Tshenolo 11:11

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 37:5, 10

Di-Index

  • Tataiso ya ho Etsa Dipatlisiso

    Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso,

    12/2019, leq. 3

    Borapedi ba Nnete, leq. 118

Tshenolo 11:13

Dinaletsana

  • *

    Ka Segerike: “hora.”

  • *

    Ka Segerike: “karolo ya leshome.”

Tshenolo 11:14

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Tshe 9:12

Tshenolo 11:15

Dinaletsana

  • *

    Ho ka etsahala hore ebe ho buuwa ka Modimo.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Tshe 8:6
  • +1Kr 29:11; Pes. 22:28; Dan 4:17, 34; Tshe 12:10
  • +Pes. 2:6; Dan 7:13, 14; LUKA 1:32, 33; 22:28, 29; 2Pe 1:11
  • +Pes. 145:13; Dan 2:44

Tshenolo 11:16

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Tshe 4:10

Tshenolo 11:17

Dinaletsana

  • *

    Sheba Ntlha ya A5.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Tshe 1:4; 16:5
  • +Pes. 99:1; Zak 14:9; Tshe 19:6

Tshenolo 11:18

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Heb 11:6
  • +AMOSE 3:7; Heb 1:1; Jak 5:10
  • +Ge 6:11

Tshenolo 11:19

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 8:1, 6; Heb 8:1, 2; 9:11

Dibibele Tse Ding

Penya nomoro ya temana ho hlahisa diphetolelo tse ding tsa temana eo.

Ditemana Tse Ding

Tshen. 11:1Eze 40:3
Tshen. 11:2Tshe 21:2
Tshen. 11:2Tshe 13:5
Tshen. 11:4Zak 4:3, 11
Tshen. 11:4Zak 4:12; Mat 5:14
Tshen. 11:4Zak 4:14
Tshen. 11:61Ma 17:1; LUKA 4:25; Jak 5:17
Tshen. 11:6Ex 7:19
Tshen. 11:7Tshe 12:17; 13:7
Tshen. 11:9Tshe 11:11
Tshen. 11:11Eze 37:5, 10
Tshen. 11:14Tshe 9:12
Tshen. 11:15Tshe 8:6
Tshen. 11:151Kr 29:11; Pes. 22:28; Dan 4:17, 34; Tshe 12:10
Tshen. 11:15Pes. 2:6; Dan 7:13, 14; LUKA 1:32, 33; 22:28, 29; 2Pe 1:11
Tshen. 11:15Pes. 145:13; Dan 2:44
Tshen. 11:16Tshe 4:10
Tshen. 11:17Tshe 1:4; 16:5
Tshen. 11:17Pes. 99:1; Zak 14:9; Tshe 19:6
Tshen. 11:18Heb 11:6
Tshen. 11:18AMOSE 3:7; Heb 1:1; Jak 5:10
Tshen. 11:18Ge 6:11
Tshen. 11:191Ma 8:1, 6; Heb 8:1, 2; 9:11
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Tshenolo 11:1-19

Tshenolo e yang ho Johanne

11 Ke ile ka fuwa lehlaka le kang molamu*+ yaba ho thwe: “Tsamaya o methe sehalalelo sa tempele ya Modimo le aletare o be o bale le batho ba rapellang teng. 2 Ha e le lebala le ka ntle ho sehalalelo sa tempele, o le tlohele, o se ke wa le metha hobane le fuwe ditjhaba. Di tla hatakela motse o halalelang+ ka dikgwedi tse 42.+ 3 Ke tla etsa hore dipaki tsa ka tse pedi di profete ka matsatsi a 1 260 di tenne lesela le hwashang.” 4 Dipaki tsena di tshwantshetswa ke difate tse pedi tsa mohlwaare+ le didulwana tse pedi tsa mabone+ mme di eme ka pela Morena wa lefatshe.+

5 Haeba ho ena le ya batlang ho ntsha dipaki tsena kotsi, mollo o tswa melomong ya tsona e le hore o bolaye dira tsa tsona. Haeba motho le ha e le ofe a batla ho di ntsha kotsi, o tla bolawa ka tsela ena. 6 Di na le matla a ho etsa hore pula e se ke ya na+ nakong eo di profetang ka yona. Di na le matla a ho fetola metsi hore e be madi+ le ho etsa hore dintho tse mpe tsa mofuta o mong le o mong di etsahale lefatsheng ho ya ka moo di lakatsang ka teng.

7 Ha di qetile ho profeta, sebata se nyolohang sekoting se tebileng se tla di lwantsha ebe se a di hlola le ho di bolaya.+ 8 Ditopo tsa tsona di tla rapalla seterateng se seholo sa motse o moholo moo batho ba bolaetseng Morena wa tsona palong. Sodoma le Egepeta di tshwantshetsa motse oo. 9 Batho ba maloko, dipuo le ditjhaba ba tla sheba ditopo tsa dipaki tseo ka matsatsi a mararo le halofo+ mme ba ke ke ba dumella ditopo tsa tsona hore di bolokwe lebitleng. 10 Ba dulang lefatsheng ba tla thaba, ba keteke mme ba romellane dimpho ka lebaka la lefu la baprofeta bana ba babedi etswe baprofeta bao ba ne ba ba hlokofatsa.

11 Ka mora matsatsi a mararo le halofo, Modimo o ile a tsosa baprofeta bana,+ ba ema yaba batho ba ba bonang ba tshoha haholo. 12 Ba utlwa lentswe le phahameng le tswang lehodimong le re ho bona: “Nyolohelang kwano.” Ba nyolohela lehodimong ka leru dira tsa bona di ba shebile. 13 Ka yona nako* eo, ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe mme karolo e nyenyane* ya motse ya wa. Batho ba 7 000 ba bolawa ke tshisinyeho ya lefatshe, ba bang kaofela ba tshoha yaba ba tlotlisa Modimo wa lehodimo.

14 Bomadimabe ba bobedi+ bo fetile. Bomadimabe ba boraro bo tla ka potlako.

15 Lengeloi la bosupa la letsa terompeta ya lona.+ Ha utlwahala mantswe a phahameng lehodimong a reng: “Mmuso wa lefatshe e se e le Mmuso wa Morena wa rona+ le wa Kreste wa hae.+ O tla busa* e le morena ka ho sa feleng.”+

16 Baholo ba 24+ ba neng ba dutse ka pela Modimo diteroneng tsa bona, ba kgumama yaba ba rapela Modimo 17 ba re: “Re a o leboha Jehova* Modimo ya Matla Ohle, ya teng+ le ya neng a le teng hobane o sebedisitse matla a hao a maholo mme o qadile ho busa o le morena.+ 18 Le ha ho le jwalo, ditjhaba di ile tsa halefa mme le wena wa di halefela. Nako e behilweng ya fihla ya hore bafu ba ahlolwe le hore o putse+ ba banyenyane le ba baholo e leng bahlanka ba hao ba baprofeta,+ bahalaledi le ba tshabang lebitso la hao le hore o fedise ba senyang lefatshe.”+

19 Sehalalelo sa tempele ya Modimo se lehodimong sa bulwa yaba ke bona areka ya selekane sa hae.+ Ha eba le mahadima, diaduma, tshisinyeho ya lefatshe le sefako se dinaka, hape ka utlwa le mantswe.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela