Kosepele ya Luka
10 Ka mora dintho tsena Morena a kgetha ba bang ba 70 a ba roma ka bobedi+ hore ba mo etelle pele ho ya motseng le motsaneng o mong le o mong oo a neng a tla ya ho wona. 2 A re ho bona: “Ka nnete kotulo e kgolo empa basebetsi ba a fokola. Ka hona, le kope Monga kotulo hore a romele basebetsi kotulong ya hae.+ 3 Eyang empa le itlhokomele, ke le romela le le jwalo ka dikonyana hara diphiri.+ 4 Le se ke la nka sepatjhe, mokotla wa dijo kapa dieta*+ mme le se ke la qeta nako e telele le ntse le dumedisa batho ha le le tseleng. 5 Ha le fihla ntlong efe kapa efe le qale ka ho re: ‘E se eka ntlo ena e ka ba le kgotso.’+ 6 Haeba batho bao e le batho ba kgotso, kgotso eo le ba lakaletsang yona e ke e be ho bona. Empa haeba ho se jwalo, e ke e kgutlele ho lona. 7 Haeba le fumana batho ba kgotso, le dule ntlong eo,+ le je le ho nwa dintho tseo ba le fang tsona+ ka ha motho ya sebetsang o tshwanela ho fuwa dijo.+ Le se ke la tloha moo le fihletseng teng.
8 Haeba ba le amohela motseng ofe kapa ofe, le je dijo tseo ba le fang tsona, 9 le phekole bakudi ba moo le be le phatlalatse hore Mmuso wa Modimo o atametse.+ 10 Motseng ofe kapa ofe moo ba sa le amoheleng, le ye diterateng tsa wona tse kgolo le re: 11 ‘Lerole le maotong a rona le tswang motseng wa lona re a le hlohlora e le bopaki ba hore re le lemositse.+ Le tsebe hore Mmuso wa Modimo o atametse.’ 12 Ke a le bolella hore ka Letsatsi la Kahlolo, kotlo ya Sodoma e tla ba bobebe ho feta ya motse oo.+
13 Ho madimabe lona baahi ba Korazine le Bethsaida. Hoja mehlolo e etsahetseng metseng ya lona e etsahetse Tire le Sidone, e ka be e le kgale baahi ba teng ba bakile, ba apere lesela le hwashang* le ho dula moloreng.+ 14 Ka lebaka leo, ka Letsatsi la Kahlolo, kotlo ya baahi ba Tire le Sidone e tla ba bobebe ho feta ya lona. 15 Le lona baahi ba Kapernauma, na Modimo o tla le phahamisetsa lehodimong? Ho hang, o tla le theolela Lebitleng.*
16 Ya le mamelang le nna o a mmamela.+ Ya iphapanyetsang lona o iphapanyetsa nna. Hape ya iphapanyetsang nna o iphapanyetsa le Ya nthomileng.”+
17 Barutuwa ba 70 ba kgutla ba thabile ba re: “Morena, esita le bademona ba a re mamela ha re ba leleka ka lebitso la hao.”+ 18 Yaba o re ho bona: “Ke bona Satane a se a wele+ jwalo ka lehadima lehodimong. 19 Bonang, ke le file matla a ho hatakela dinoha le diphepheng le a ho hlola sera se matla+ mme ha ho letho le tla le ntsha kotsi. 20 Le ha ho le jwalo, le se ke la thabela feela hore ebe bademona ba a le mamela empa le thabiswe ke hore mabitso a lona a ngotswe mahodimong.”+ 21 Ka yona nako eo, Modimo a fa Jesu moya o halalelang, moya oo wa etsa hore a thabe yaba o re: “Ke o rorisa phatlalatsa Ntate, Morena wa lehodimo le lefatshe hobane o patetse ba bohlale le ba rutehileng dintho tsena+ mme o di senoletse bana ba banyenyane. E, Ntate hobane ke thato ya hao hore ho be jwalo.+ 22 Ntate ke yena ya mphileng dintho tsohle. Ha ho na motho ya ntsebang* haese Ntate ebile ha ho na motho ya tsebang Ntate haese nna+ le mang kapa mang eo ke ratang ho mo ruta ka Ntate.”+
23 A bua le barutuwa moo ba leng bang a re: “Le a thaba hobane le bona dintho tsena.+ 24 Ka nnete ke re ho lona, baprofeta le marena ba ile ba lakatsa ho bona dintho tseo le di bonang+ le ho utlwa dintho tseo le di utlwang empa ha ba a ka ba di bona kapa ba di utlwa.”
25 Monna e mong wa setsebi sa Molao o ne a batla ho leka Jesu yaba o a ema o re: “Mosuwe, ke etseng hore ke fumane bophelo bo sa feleng?”+ 26 A re ho yena: “Molao o reng, na o a o utlwisisa?” 27 Monna eo a re ho yena: “‘O rate Jehova* Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, ka moya wa hao wohle, ka matla a hao ohle le ka kelello ya hao yohle.’+ Hape ‘o rate moahisani wa hao jwalo ka ha o ithata.’”+ 28 Jesu a re ho yena: “O arabile hantle, o nne o etse jwalo mme o tla fumana bophelo bo sa feleng.”+
29 Empa ka ha monna eo o ne a batla ho ipaka hore o lokile,+ a re ho Jesu: “Hantlentle moahisani wa ka ke mang?” 30 Jesu a mo araba ka ho re: “Motho e mong o ne a theoha Jerusalema a ya Jeriko yaba mashodu a a mo hlasela, a mo nkela dintho tsohle, a mo otla yaba a mo siya a le makgatheng a lefu. 31 Jwale ha etsahala hore moprista e mong a theohe ka tsela eo empa ha a mo bona, a tsamaela ka lehlakoreng le leng. 32 Molevi e mong le yena a theoha ka tsela eo yaba o etsa ntho e tshwanang. 33 Empa Mosamaria+ yena ha a feta ka tsela eo, a mo bona yaba o a mo hauhela. 34 A ya ho yena, a tshela maqeba a hae ka oli le veine yaba o a a tlamisa. A mo palamisa tonki ya hae, a mo isa ntlong ya baeti mme a mo hlokomela. 35 Letsatsing le hlahlamang, a fa mohlokomedi wa ntlo ya baeti didenari* tse pedi yaba o re ho yena: ‘Mo hlokomele. Haeba o ka sebedisa tjhelete e fetang ena ke tla o patala ha ke kgutla.’ 36 Ho ba bararo baa ke mang eo e bileng moahisani+ wa monna ya hlasetsweng ke mashodu?” 37 A re: “Ke ya ileng a mo hauhela.”+ Jwale a re ho yena: “Tsamaya le wena o etse ntho e tshwanang.”+
38 Ba tswela pele ka leeto yaba ba fihla ha mosadi e mong ya bitswang Maretha,+ a ba amohela lapeng ha hae. 39 Maretha o ne a ena le ngwanabo ya bitswang Maria, ya ileng a dula maotong a Jesu hore a mo mamele. 40 Maretha yena o ne a phathahane ka mesebetsi e mengata. A ya ho Jesu a re: “Morena, na o bona ho lokile hore Maria a ntlohele ke sebetse ke le mong? Ke kopa o re a tlo nthusa.” 41 Jesu a re ho yena: “Maretha, Maretha, o tshwenyehile ka dintho tse ngata haholo. 42 Ha re hloke dintho tse ngata, e le nngwe feela e tla be e lekane. Maria o kgethile ntho e nepahetseng+ mme ha ho motho ya ka mo tsekisang yona.”