Dipesaleme
Ho motsamaisi. Pina ya Davida.
2 Letsatsi le letsatsi ho utlwahala seo di se buang.
Bosiu bo bong le bo bong di senola tsebo ya hae.
3 Mahodimo ha a bue letho ebile ha a na mantswe.
Lentswe la ona ha le utlwahale.
4 Empa modumo* wa ona o utlwahala lefatsheng lohle
Le molaetsa wa wona o fihla dikarolong tse hole tsa lefatshe.+
O hlometse letsatsi tente lehodimong.
5 Le tshwana le monyadi ha a tswa kamoreng ya hae.
Le thaba jwalo ka monna ya matla ya mathang lebelong.
6 Le hlaha karolong e nngwe ya lehodimo
Ebe le potoloha ho ya fihla karolong e nngwe ya lona.+
Ha ho na letho le ka ipatelang motjheso wa lona.
7 Molao wa Jehova o phethahetse,+ o etsa hore motho a boele a be le matla.+
Melao* ya Jehova e a tshepahala,+ e hlalefisa ya se nang boiphihlelo.+
8 Ditaelo tsa Jehova di lokile, di thabisa pelo.+
Ditaelo tsa Jehova di hlwekile, di kgantsha mahlo.+
9 Ho tshaba Jehova ho hlwekile,+ ke ntho e tla dula e le teng.
Dikahlolo tsa Jehova ke tsa nnete, kaofela ha tsona di lokile.+
10 Di kgahleha ho feta kgauta,
Ho feta kgauta e ngata e hlwekisitsweng.+
Di monate ho feta mahe a dinotshi,+ a rothang kgekgeng ya tsona.
13 Nthibe hore ke se ke ka ba le boikgohomoso.+
O se ke wa bo dumella hore bo ntaole.+