Kosepele ya Johanne
12 Matsatsi a tsheletseng pele ho Paseka, Jesu a fihla Bethani. Lazaro+ eo Jesu a neng a mo tsositse bafung o ne a le hona teng. 2 Ba mo phehela dijo tsa mantsiboya yaba Maretha o a ba ngwathela.+ Lazaro e ne e le e mong wa ba dutseng dijong le yena. 3 Maria a nka botlolo* ya oli e turu e nkgang ha monate, e le nareda ya nnete. A tlotsa maoto a Jesu ka yona yaba o mo hlakola maoto ka moriri wa hae. Ntlo ya tlala monko wa oli eo.+ 4 E mong wa barutuwa ba hae e leng Judase Iskariota+ ya neng a tlo mo rekisa* a re: 5 “Ke hobaneng ha oli ee e nkgang ha monate e ne e sa rekiswe ka didenari* tse 300 ebe tjhelete eo e fuwa bafutsana?” 6 O ne a sa tjho jwalo hobane a tshwenyehile ka bafutsana empa hobane e le leshodu. Ka ha o ne a tshwara lebokose la tjhelete, o ne a tlwaetse ho utswa tjhelete e tshelwang ka ho lona. 7 Jesu a re: “Mo tloheleng hobane ha a etsa tjena o ntokisetsa lepato.+ 8 Le tla dula le ena le bafutsana+ empa le ke ke la dula le ena le nna.”+
9 Bajuda ba bangata ba tseba hore o teng moo yaba ba a tla ho tla bona Jesu le Lazaro eo a mo tsositseng bafung.+ 10 Baprista ba baholo ba rera ho bolaya le Lazaro 11 hobane Bajuda ba bangata ba ne ba ya Bethani ka lebaka la hae mme ba dumela ho Jesu.+
12 Ka le hlahlamang, batho ba bangata ba neng ba tlile moketeng ba utlwa hore Jesu o tla Jerusalema. 13 Ba nka makala a difate tsa palema, ba mo kgahlanyetsa yaba ba a hweletsa ba re: “Re rapella hore o mo pholose! Ho hlohonolofetse ya tlang ka lebitso la Jehova,*+ Morena wa Iseraele!”+ 14 Ha Jesu a fumana petsana ya tonki, a e palama+ feela jwalo ka ha Mangolo a re: 15 “O se ke wa tshoha wena moradi wa Sione. Morena wa hao o tla a palame petsana ya tonki.”+ 16 Qalong barutuwa ba hae ba ne ba sa utlwisise dintho tsena. Empa ha Jesu a tlotliswa,+ ba hopola hore Mangolo a buile dintho tsena ka yena le hore di ile tsa mo etsahalla.+
17 Batho ba bangata ba neng ba ena le yena ha a tsosa Lazaro bafung a re a tswe lebitleng,*+ ba nna ba bolella batho ba bang hore na ho etsahetseng.+ 18 Batho ba bangata ba ne ba tlile ho yena hobane ba utlwetse ka mohlolo ona oo a o entseng. 19 Bafarisi ba buisana ba re: “Le a bona hore le ke ke la atleha? Lefatshe lohle le mo setse morao.”+
20 Hara batho ba tlileng moketeng ho tla rapela, ho ne ho ena le Bagerike. 21 Ba tla ho Filipi+ wa Bethsaida e Galilea mme ba re: “Mohlomphehi, re kopa ho kopana le Jesu.” 22 Filipi a bolella Andrease yaba Andrease le Filipi ba ya ho Jesu ba a mo bolella.
23 Empa Jesu a re ho bona: “Nako ya hore Mora motho a tlotliswe e fihlile.+ 24 Ke a le tiisetsa hore ha peo ya koro e sa wele mobung ebe e a bola,* e tla sala e le nngwe jwalo. Empa haeba e bola,+ e tla beha haholo. 25 Ya ratang bophelo ba hae o tla fellwa ke bona empa ya hloileng bophelo ba hae+ lefatsheng lena o tla bo sireletsa e le hore a fumane bophelo bo sa feleng.+ 26 Motho ya batlang ho ntshebeletsa a ntatele mme moo ke leng teng o tla ba teng.+ Ntate o tla tlotlisa motho ya batlang ho ntshebeletsa. 27 Ke tshwenyehile,+ ebe nka reng? Ntate, mpholose boemong bona.*+ Le ha ho le jwalo, ntho ena e lokela ho nketsahalla hobane ke yona ntho eo ke e tletseng. 28 Ntate, tlotlisa lebitso la hao.” Lentswe+ la tswa lehodimong la re: “Ke le tlotlisitse mme ke tla boela ke le tlotlise.”+
29 Ha batho ba neng ba le moo ba le utlwa, ba re ba utlwile seaduma. Ba bang ba re: “Lengeloi le buile le yena.” 30 Jesu a re: “Lentswe lena ha le a bua molemong wa ka empa le buile molemong wa lona. 31 Nako ya hore lefatshe le ahlolwe e fihlile mme mmusi wa lona+ o tla lelekwa.+ 32 Haeba ke fanyehwa,*+ ke tla hulela batho ba ditjhaba tsohle ho nna.” 33 O ne a tjho jwalo ho bontsha hore na o tla tloha a shwa jwang.+ 34 Batho ba re: “Molao o re Kreste o tla ba teng ka ho sa feleng.+ O bolelang ha o re Mora motho o tla fanyehwa?+ Hona ke mang Mora eo wa motho?” 35 Jesu a re ho bona: “Le tla ba le lesedi ka nakwana. Tsamayang ha lesedi le sa ntse le le teng e le hore le se ke la aparelwa ke lefifi. Ya tsamayang lefifing ha a tsebe moo a yang.+ 36 Le bontshe hore le dumela leseding ha lesedi le sa ntse le le teng e le hore le be bara ba lesedi.”+
Ka mora hore Jesu a bue mantswe ana, a tsamaya yaba o ipatela bona. 37 Le hoja a ne a entse mehlolo e mengata hakaalo moo ba ntseng ba bona, ba ne ba sa dumele ho yena. 38 Ka tsela eo, mantswe a moprofeta Esaia a ile a phethahala ha a ne a re: “Jehova,* ke mang ya dumetseng ntho eo re e tlalehileng?+ Letsoho la Jehova* lona le bonahaditswe ho mang?”+ 39 Ba ne ba sa kgone ho dumela hobane Esaia o ne a boetse a itse: 40 “O ba foufaditse, a etsa hore ba be dihlooho* di thata. Ke ka hoo ba sa utlwisiseng* hore na ba lokela ho etsang ebile ba sa kgutlele ho nna e le hore nka ba fodisa.”+ 41 Esaia o buile dintho tsena ka yena hobane a bone kganya ya hae.+ 42 Babusi ba bangata ba ile ba dumela ho yena.+ Empa ka ha ba ne ba tshaba Bafarisi, ba ne ba sa bolele hore ba dumela ho yena e le hore ba se ke ba lelekwa ntlong ya thapelo.*+ 43 Ba ne ba rata ho amohelwa ke batho ho feta ho amohelwa ke Modimo.+
44 Jesu a phahamisa lentswe a re: “Ya dumelang ho nna o dumela le ho ya nthomileng.+ 45 Hape ya mponang o bona le ya nthomileng.+ 46 Ke tlile ke le lesedi lefatsheng+ e le hore bohle ba dumelang ho nna ba se ke ba dula lefifing.+ 47 Haeba motho a utlwa mantswe a ka empa a sa a dumele, ha ke mo ahlole. Ha ke a tlela ho ahlola lefatshe, ke tletse ho le pholosa.+ 48 Ya sa mmameleng mme a sa amohele mantswe a ka, ho na le ya tla mo ahlola. Mantswe ao ke a buileng ke ona a tla mo ahlola ka letsatsi la ho qetela. 49 Ha ke a bua dintho tseo ke iqapetseng tsona empa Ntate ya nthomileng o ntaetse hore na ke reng.+ 50 Hape ke a tseba hore taelo ya hae e tlisa bophelo bo sa feleng.+ Ka hona, ke bua dintho tseo Ntate a mpoleletseng tsona feela.”+