Dipesaleme
Pina ya ho Nyolohela Motseng. Pesaleme ya Davida.
122 Ke ile ka thaba ha ba re ho nna:
“A re yeng ntlong ya Jehova.”+
4 Maloko a nyolohetse motseng ona,
Maloko a Jah,*
Ho ya ka molao oo a o fileng Iseraele
Hore a yo rorisa lebitso la Jehova.+
6 Kopang hore ho be le kgotso Jerusalema.+
Ba e ratang ba tla sireletseha.
7 E se eka ho ka dula ho ena le kgotso motseng*
Le tshireletseho e be teng ditoreng tsa hao tse sireleditsweng ka thata.
8 Molemong wa bana beso le metswalle ya ka ke tla re:
“E se eka o ka ba le kgotso.”