Ho Bagalata
6 Bana beso, haeba motho a etsa ntho e fosahetseng a sa hlokomele, lona Bakreste ba tshwanelehang ba tataiswang ke moya o halalelang le leke ho thusa motho eo ka bonolo.+ Empa le lona le itlhokomele+ hore le se ke la lekeha ho etsa diphoso.+ 2 Tswelang pele ho thusana* ha le ena le mathata+ hobane ha le etsa jwalo, le tla be le mamela molao wa Kreste.+ 3 Haeba motho a inka e le wa bohlokwa ho feta batho ba bang empa ho se jwalo,+ o a ithetsa. 4 Motho e mong le e mong a ke a hlahlobe dintho tseo a di etsang+ ka ha o tla thabela seo a se entseng a sa ipapise le motho e mong.+ 5 Motho e mong le e mong o tla ikarabella ka dintho tseo a di etsang.*+
6 Motho ya rutwang Lentswe la Modimo le motho ya mo rutang ba lokela ho arolelana dintho tseo ba nang le tsona.+
7 Le se ke la ithetsa hobane ha ho na motho ya ka thetsang* Modimo. Motho e mong le e mong o tla kotula seo a se jetseng.+ 8 Motho ya latelang ditakatso tsa hae tse mpe o tla shwa* empa motho ya tataiswang ke moya o halalelang o tla fumana bophelo bo sa feleng.+ 9 A re se keng ra kgathala ho etsa dintho tse ntle hobane ka nako e nepahetseng re tla fumana moputso* haeba re sa kgathale.+ 10 Ka lebaka leo, a re thuseng batho bohle ha re sa na le monyetla empa haholoholo a re thuseng badumedimmoho le rona.
11 Ke le ngolletse lengolo lena ka letsoho la ka mme ke ngotse ka mongolo o motenya.
12 Batho bohle ba batlang ho kgahlisa batho ba bang* ke bona ba lekang ho le qobella hore le bolle, ba etsa jwalo e le hore ba se ke ba hloriswa ka lebaka la Kreste.* 13 Le bona batho ba bolotseng ha ba mamele Molao+ empa ba batla hore le bolle e le hore ba tle ba ithorise ka lona. 14 Le ka mohla nke ke ka ithorisa empa ke tla ithorisa feela ka Morena Jesu Kreste ya shwetseng palong.*+ Ke nka lefatshe le ahloletswe lefu ka lebaka la hae mme lefatshe lona le nka nna ke ahloletswe lefu ka lebaka la hae. 15 Taba ya hore motho o bolotse kapa ha a bolla ha se ya bohlokwa+ empa ntho ya bohlokwa ke hore Modimo o etsa hore motho a be motjha.+ 16 E se eka Iseraele ya Modimo e leng batho bohle ba mamelang molao ona ba ka ba le kgotso mme Modimo a ba hauhele.+
17 Ho tloha hona jwale, ho se ke ha eba le motho ya ntshwenyang hobane mmele wa ka o na le mabadi a bontshang hore ke molatedi wa Jesu.+
18 Bana beso, e se eka Morena Jesu Kreste a ka ba mosa* ho lona ka lebaka la makgabane ao le a bontshang. Amen.