Dipesaleme
א [Aleph]
Ho thaba motho ya tshabang* Jehova+
ב [Beth]
A bile a rata melao ya hae haholo.+
ג [Gimel]
2 Ditloholo tsa hae di tla ba matla lefatsheng
ד [Daleth]
Le moloko wa batho ba lokileng o tla hlohonolofatswa.+
ה [He]
ז [Zayin]
4 Ho batho ba lokileng o jwalo ka kganya lefifing.+
ח [Heth]
O na le kutlwelobohloko,* o mohau+ ebile o lokile.
ט [Teth]
5 Motho ya adimanang haholo,* dintho di mo tsamaela hantle.+
י [Yod]
O etsa dintho tsohle ka toka.
כ [Kaph]
ל [Lamed]
Motho ya lokileng o tla dula a hopolwa.+
מ [Mem]
7 A ke ke a tshoswa ke ditaba tse bohloko.+
נ [Nun]
O a tshepahala mme o dula a tshepile Jehova.+
ס [Samekh]
8 O itshetlehile ka Modimo,* ha a tshabe letho.+
ע [Ayin]
Qetellong o tla bona ha dira tsa hae di hlolwa.+
פ [Pe]
9 O fane ka dintho tseo a nang le tsona ka pelo yohle. O di file bafutsana.+
צ [Tsade]
Diketso tsa hae tse lokileng di ke ke tsa lebalwa.+
ק [Qoph]
Matla a hae a tla eketseha* mme o tla hlompheha.
ר [Resh]
10 Ya kgopo o tla bona seo mme a halefe.
ש [Shin]
O tla nyahama, a fokole ebe o a shwa.
ת [Taw]
Dintho tseo a di lakatsang di tla fella moyeng.+