Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • 2 Samuele 10
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

Kakaretso ya 2 Samuele

      • Baamone le Basiria ba a hlolwa (1-19)

2 Samuele 10:1

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ge 19:36, 38; Bhl 10:7; 11:12, 33; 1 Sam. 11:1
  • +1Kr 19:1-5

2 Samuele 10:2

Dinaletsana

  • *

    Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

2 Samuele 10:4

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 19:27

2 Samuele 10:5

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jos 18:21

2 Samuele 10:6

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 13:21
  • +2Sa 8:5
  • +Jos 13:13
  • +1Kr 19:6, 7

2 Samuele 10:7

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 23:8; 1Kr 19:8, 9

2 Samuele 10:8

Dinaletsana

  • *

    Kapa: “banna ba Tobe.”

2 Samuele 10:9

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Kr 19:10-13

2 Samuele 10:10

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1 Sam. 26:6; 2Sa 2:18; 23:18; 1Kr 2:15, 16
  • +Nu 21:24

2 Samuele 10:12

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 31:6
  • +Pes. 37:5; 44:5; Diprov. 29:25

2 Samuele 10:13

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Kr 19:14, 15

2 Samuele 10:15

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Kr 19:16

2 Samuele 10:16

Dinaletsana

  • *

    E leng ya Eufrate.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 8:3-5
  • +Ge 15:18; Ex 23:31

2 Samuele 10:17

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Kr 19:17-19

2 Samuele 10:18

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 20:1; Pes. 18:37, 38

2 Samuele 10:19

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ge 15:18; De 20:10, 11

Dibibele Tse Ding

Penya nomoro ya temana ho hlahisa diphetolelo tse ding tsa temana eo.

Ditemana Tse Ding

2 Sam. 10:1Ge 19:36, 38; Bhl 10:7; 11:12, 33; 1 Sam. 11:1
2 Sam. 10:11Kr 19:1-5
2 Sam. 10:4Le 19:27
2 Sam. 10:5Jos 18:21
2 Sam. 10:6Nu 13:21
2 Sam. 10:62Sa 8:5
2 Sam. 10:6Jos 13:13
2 Sam. 10:61Kr 19:6, 7
2 Sam. 10:72Sa 23:8; 1Kr 19:8, 9
2 Sam. 10:91Kr 19:10-13
2 Sam. 10:101 Sam. 26:6; 2Sa 2:18; 23:18; 1Kr 2:15, 16
2 Sam. 10:10Nu 21:24
2 Sam. 10:12De 31:6
2 Sam. 10:12Pes. 37:5; 44:5; Diprov. 29:25
2 Sam. 10:131Kr 19:14, 15
2 Sam. 10:151Kr 19:16
2 Sam. 10:162Sa 8:3-5
2 Sam. 10:16Ge 15:18; Ex 23:31
2 Sam. 10:171Kr 19:17-19
2 Sam. 10:18De 20:1; Pes. 18:37, 38
2 Sam. 10:19Ge 15:18; De 20:10, 11
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
2 Samuele 10:1-19

Buka ya Bobedi ya Samuele

10 Ka mora nako, morena wa Baamone+ a shwa mme mora wa hae Hanune ya eba morena.+ 2 Davida a re: “Ke tla bontsha Hanune mora wa Nahashe hore ke a mo rata* feela jwalo ka ha ntate wa hae a ile a mpontsha hore o a nthata.” Ka hoo, Davida a roma bahlanka ba hae hore ba yo mo tshedisa hobane a hlokahalletswe ke ntate. Empa ha bahlanka ba Davida ba fihla naheng ya Baamone, 3 dikgosana tsa Baamone tsa re ho Hanune morena wa tsona: “Na o nahana hore Davida o hlompha ntate wa hao ka ho o romella batho ba tlo o tshedisa? Na Davida ha a romela bahlanka ba hae ho wena hore ba tlo hlahloba naha le ho e hlwela e le hore ba tle ba e hape?” 4 Hanune a nka bahlanka ba Davida, a kuta halofo ya ditedu+ tsa bona mme a seha diaparo tsa bona ba sala ba le feela ho tloha mathekeng yaba o re ba tsamaye. 5 Ha Davida a bolellwa taba ena, hanghang a romela banna hore ba yo ba kgahlanyetsa hobane banna bao ba ne ba tlotlolotswe haholo. Morena a re ho bona: “Dulang Jeriko,+ le tla kgutlela hae ha ditedu tsa lona di hodile.”

6 Ka mora nako, Baamone ba bona hore Davida o ba hloile yaba ba romela Basiria bao ba ba hirileng ba Bethe-rehobe+ le Basiria ba Zoba.+ E ne e le masole a 20 000 a tsamayang ka maoto, banna ba 1 000 ba tsamayang le morena wa Maaka+ ha mmoho le banna ba 12 000 ba tswang Ishtobe.+ 7 Ha Davida a utlwa ka taba ena, a romela Joabe le masole ohle ho akareletsa le banna ba hae ba matla ka ho fetisisa.+ 8 Baamone ba tswa mme ba itokisetsa ntwa keiting ya motse, ha Basiria ba Zoba le ba Rehobe ha mmoho le Ishtobe* le Maaka ba le naheng ba le bang.

9 Ha Joabe a bona hore masole a dira tsa hae a mo hlasela a hlaha ka pele le ka morao, a kgetha masole a matla ka ho fetisisa a Iseraele mme a a lokisetsa ho ya lwantsha Basiria.+ 10 A beha ngwanabo Abishai+ hore e be molaodi wa banna ba bang kaofela e le hore a ba lokisetse ho ya lwantsha Baamone.+ 11 Yaba o re: “Haeba Basiria ba eba matla ho mpheta, o tle o tlo nthusa. Empa haeba Baamone ba eba matla ho o feta, ke tla tla ke tlo o thusa. 12 Re lokela ho ba matla mme re be sebete+ bakeng sa batho ba habo rona le metse ya Modimo wa rona mme Jehova o tla phetha karolo ya hae.”+

13 Joabe le banna ba hae ba ya ho Basiria ho ya ba lwantsha empa ba mo baleha.+ 14 Ha Baamone ba bona hore Basiria ba balehile, ba baleha Abishai mme ba kena motseng. Ka mora moo, Joabe a kgutla a tswa ho Baamone mme a tla Jerusalema.

15 Ha Basiria ba bona hore ba hlotswe ke Baiseraele, ba boela ba bokana.+ 16 Ka hoo, Hadadezere+ a re ho bitswe Basiria ba dulang pela Noka*+ yaba ba tla Helame, ba eteletswe pele ke Shobake molaodi wa sesole sa Hadadezere.

17 Ha Davida a bolellwa sena, a bokella Baiseraele bohle ka potlako mme a tshela Jordane a ya Helame. Yaba Basiria ba itokisetsa ho ya kopana le Davida mme ba mo lwantsha.+ 18 Empa Basiria ba baleha Baiseraele mme Davida a bolaya bakganni ba dikariki tsa ntwa ba 700 le bapalami ba dipere ba 40 000 ba Basiria. A bolaya le Shobake molaodi wa lebotho la bona la sesole mme a shwella moo.+ 19 Ha marena ohle e leng bahlanka ba Hadadezere ba bona hore ba hlotswe ke Baiseraele, ba bopa kgotso kapele le Baiseraele mme ya eba basebeletsi ba bona.+ Basiria ba ne ba se ba tshaba ho thusa Baamone.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela