Buka ya Bobedi ya Marena
16 Ha Peka mora wa Remalia a ena le dilemo tse 17 a busa, Akaze+ mora wa Morena Jothame wa Juda ya eba morena. 2 Akaze o ne a le dilemo di 20 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 16. O ne a sa tshwane le moholoholo wa hae Davida ya neng a etsa dintho tse thabisang Jehova.+ 3 Empa o ile a etsa dintho tse neng di etswa ke marena a Iseraele+ a ba a tjhesa* mora wa hae+ e le ha a etsisa mekgwa e nyonyehang ya ditjhaba+ tseo Jehova a di lelekileng ha Baiseraele ba ne ba hapa naha. 4 O ne a etsa dinyehelo le mahlabelo a kubellang mosi dibakeng tse phahameng,+ maralleng le tlasa difate tse ntle tse tala.+
5 Morena Rezine wa Siria le Peka mora wa Remalia morena wa Iseraele, ba hlasela Jerusalema.+ Ba ile ba thibella motse oo Akaze a neng a dula ho wona empa ha ba a ka ba o hlola. 6 Morena Rezine wa Siria a kgutlisetsa motse wa Elathe+ ho Baedomo mme a leleka Bajuda* ho wona. Baedomo ba ya Elathe mme ba dula moo ho fihlela letsatsing lena. 7 Akaze a roma baromuwa ho Morena Tiglathe-pilesere+ wa Asiria mme a re ba re ho yena: “Ke mohlanka wa hao ebile ke mora wa hao. Tloo o tlo mpholosa ho marena a ntlhaselang e leng morena wa Siria le morena wa Iseraele.” 8 Akaze a nka silevera le kgauta tse neng di le ka tlung ya Jehova le ka matlotlong a ntlo ya morena* yaba o di romela ho morena wa Asiria e le tjotjo.+ 9 Morena wa Asiria a dumela ho mo thusa mme a yo hlasela Damaseka le ho e hapa. A isa baahi ba yona botlamuweng Kire+ yaba o bolaya Rezine.+
10 Morena Akaze a ya Damaseka a yo kopana le Morena Tiglathe-pilesere wa Asiria. Ha a bona aletare e Damaseka, a romella moprista Uria polane ya yona.+ 11 Moprista Uria+ a haha aletare+ ho ya ka polane eo Morena Akaze a neng a mo romeletse yona ho tswa Damaseka. O ile a qeta ho e haha pele Morena Akaze a kgutla Damaseka. 12 Ha morena a kgutla Damaseka mme a bona aletare, a ya ho yona mme a etsa dinyehelo hodima yona.+ 13 O ne a tjhesa dinyehelo tsa setjheso le dinyehelo tsa dijo* hodima aletare eo. O ne a boetse a tshela dinyehelo tsa seno a bile a fafatsa madi a mahlabelo a kopanetsweng ho yona. 14 Akaze a tlosa aletare ya koporo+ e neng e le ka pela Jehova moo e neng e dula teng ka pela ntlo, pakeng tsa aletare ya hae le ntlo ya Jehova mme a e beha lehlakoreng le ka leboya la aletare ya hae. 15 Morena Akaze a re ho moprista Uria:+ “Hoseng o etse nyehelo ya setjheso aletareng e kgolo+ le mantsiboya o etse nyehelo ya dijo,+ nyehelo ya setjheso ya morena, nyehelo ya hae ya dijo, dinyehelo tsa setjheso, dinyehelo tsa dijo le dinyehelo tsa seno tsa batho bohle. Hape o fafatse aletare ka madi ohle a dinyehelo tsa setjheso le a mahlabelo a mang. Aletare yona ke tla o bolella hore na o etseng ka yona.” 16 Moprista Uria a etsa dintho tsohle tseo Morena Akaze a neng a itse a di etse.+
17 Morena Akaze a diha mabota a mahlakoreng a diteroli+ mme a tlosa le dibeisine tse neng di le hodima tsona.+ O ile a tlosa Tanka e neng e le hodima dipoho tsa koporo+ tse e tsheheditseng yaba o e beha lebaleng le entsweng ka majwe.+ 18 A tlosa mohaho o pela tempele o neng o sebediswa ka Sabatha le tsela e ka ntle e yang ntlong ya morena, a di tlosa ntlong ya Jehova. O ile a etsa sena ka lebaka la morena wa Asiria.
19 Histori yohle ya Akaze le dintho tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Juda.+ 20 Akaze a shwa* mme a patelwa Motseng wa Davida moholoholo wa hae. Mora wa hae Ezekiase*+ ya eba morena.