Jobo
5 Hweletsa o kope thuso, na ho na le ya o arabang?
Hara mangeloi a halalelang o tla kopa thuso ho lefe?
2 Lewatla le tla bolawa ke kgalefo ya lona
Mme mohono o tla bolaya motho ya dumelang ntho e nngwe le e nngwe ha bonolo.
3 Ke bone lewatla le mela ka metso
Empa ka tshohanyetso sebaka sa lona sa bodulo se ile sa welwa ke bomadimabe.
4 Bara ba lona ha ba a sireletseha,
Ba a tlotlollwa keiting ya motse+ mme ha ho na motho ya ba pholosang.
5 Ya lapileng o ja seo a se kotutseng,
O boetse o kotula le se hlahileng hara meutlwa
Mme dintho tsa hae di a nkuwa.
6 Dintho tse kotsi ha di hlahe leroleng
Le mathata ha a hlahe mobung.
7 Motho o tswaletswe ho ba le mathata
Feela jwalo ka ha ditlhase di fofela hodimo.
8 Empa ha ke ne ke le wena, ke ne ke tla kopa thuso ho Modimo
Ebile ke ne ke tla hlahisa nyewe ya ka ho yena,
9 Ho ya etsang dintho tse kgolo le tse ke keng tsa batlisiswa,
Dintho tse hlollang tse se nang palo.
10 O fana ka pula lefatsheng
Mme o romela metsi masimong.
11 O phahamisa ya tlase,
Hape o pholosa ya utlwileng bohloko.
12 O senya merero ya ba bolotsana,
E le hore mosebetsi wa matsoho a bona o se ke wa atleha.
14 Ba potolohilwe ke lefifi motshehare,
Mme hara mpa motshehare ba phopholetsa jwalo ka ha eka ke bosiu.
15 O pholosa mofutsana mantsweng a hlabang a dira tsa hae,
A mo pholose letsohong la ya matla,
16 E le hore ya tlase a be le tshepo,
Empa molomo wa ya sa lokang o kwalehe.
17 Ho thaba motho eo Modimo a mo kgalemelang,
Ka hoo, o se ke wa hana kgalemelo ya Ya Matla Ohle.
18 Ka ha o etsa hore motho a utlwe bohloko, a boele a tlamise leqeba,
O a lematsa, a boele a fodise ka matsoho a hae.
19 O tla o pholosa mathateng a tsheletseng,
Le bothata ba bosupa bo ke ke ba o lematsa.
20 Nakong ya tlala o tla o lopolla lefung,
A o lopolle matleng a sabole nakong ya ntwa.
22 O tla tsheha tlokotsi le tlala,
Mme o ke ke wa tshoha dibata tsa naha.
24 O tla thabela ho dula ka tenteng ya hao e sireletsehileng,*
Ha o yo sheba diphoofolo tsa hao, o tla fumana ho se na e lahlehileng.
25 O tla ba le bana ba bangata
Ditloholo tsa hao di tla ba ngata jwalo ka dimela tsa naha.
26 O tla ya lebitleng o ntse o le matla,
Jwalo ka koro e tlanngweng mangata e kotutsweng ka nako ya yona.
27 Re hlahlobile taba ena mme ra fumana hore e jwalo.
E mamele o be o e amohele.”