Dipesaleme
Ho motsamaisi. Pesaleme ya Davida. Pina.
109 Modimo eo ke mo rorisang,+ o se ke wa thola feela
2 Hobane batho ba kgopo le ba leshano ba bua hampe ka nna.
Ba bua leshano ka nna.+
4 Le ha ke ba bontsha hore ke a ba rata, ba a nqosa.+
Empa ke ntse ke rapela.
6 E se eka sera sa ka se ka ahlolwa ke motho ya kgopo.
Mohanyetsi* a ke a eme ka letsohong la hae le letona.
7 A ke a fumanwe a le molato* ha a ahlolwa.
E se eka le thapelo ya hae e ka nkuwa e le sebe.+
8 A ke a phele nako e kgutshwanyane.+
Mosebetsi wa hae wa ho ba molebedi o ke o nkwe ke motho e mong.+
11 Motho ya mo kolotiseditseng a ke a mo nkele tsohle,
Le baditjhaba ba ke ba inkele thepa ya hae.
12 E se eka ho ke ke ha eba le motho ya bang mosa ho yena*
Kapa ya hauhelang bana ba hae ba setseng e le dikgutsana.*
13 Ditloholo tsa hae di ke di fediswe.+
Mabitso a tsona a ke a hlakolwe molokong o tlang.
15 E se eka Jehova a ka dula a hopola dintho tseo ba di entseng.
A etse hore ba se ke ba hlola ba hopolwa lefatsheng.+
16 Motho eo ha a ka a ba mosa*+ ho ba bang
Empa o ile a nna a lelekisa ba hateletsweng,+ ba futsanehileng
Le ba utlwileng bohloko hore a ba bolaye.+
17 O ne a rata ho rohaka batho empa dintho tseo di etsahaletse yena.
O ne a sa rate ho hlohonolofatsa. Ka hoo, le yena ha a ka a hlohonolofatswa.
18 O ne a apere dithohako jwalo ka ha eka ke seaparo sa hae.
Tsa tshelwa mmeleng wa hae jwalo ka metsi
Le masapong a hae jwalo ka oli.
19 E se eka dithohako tsa hae di ka ba jwalo ka seaparo seo a ithatelang ka sona,+
Di be jwalo ka lebanta leo a dulang a le tlamme.
Mpholose hobane o lerato* haholo.+
22 Ha ke na matla ebile ke futsanehile.+
Pelo ya ka e utlwile bohloko haholo.+
23 Bophelo ba ka bo bokgutshwanyane jwalo ka moriti o nyamelang.
Ke tshwana le tsie e hlohlorilweng seaparong.
24 Mangole a ka a a kgwehla ke ho itima dijo.
Ke mosesaane ebile ke otile.*
Ha ba mpona ba sisinya dihlooho.+
26 Nthuse hle, Jehova Modimo wa ka.
Mpholose hobane o a nthata.
27 E se eka ba ka tseba
Hore ke wena Jehova ya mpholositseng.
28 E se eka ha ba nthohaka, wena o ka ntlhohonolofatsa.
Ha ba ntlhasela, ba ke ba hlajwe ke dihlong
Empa e se eka nna mohlanka wa hao nka thaba.
29 E se eka ba nqosang ba ka tlotlolleha.
E se eka ba ka aparelwa ke dihlong jwalo ka ha eka ke seaparo se selelele.*+
30 Ke tla rorisa Jehova ka pelo ya ka yohle.
Ke tla mo rorisa ka pela batho ba bangata.+