Dipesaleme
Ho motsamaisi. E binwe ka modumo wa “Palesa* ya Kgopotso.” Miktame.* Pesaleme ya Davida. Bakeng sa ho ruta. Ha a ne a lwana le Arame-naharaime le Arame-Zoba mme Joabe a kgutla ho tla bolaya Baedomo ba 12 000 Kgohlong ya Letswai.+
60 Modimo, o re lahlile, o re qhalakantse.+
O ne o re halefetse empa re amohele hape.
2 O entse hore lefatshe le reketle, wa le petsola.
Lokisa dikgeo tsa lona hobane le a wa.
3 O entse hore batho ba hao ba be mathateng.
O re nwesitse veine e etsang hore re thekesele.+
5 Re pholose ka letsoho la hao le letona mme o re arabe+
E le hore bahlanka ba hao bao o ba ratang ba ka pholoswa.
6 Modimo o buile a le kgalalelong ya hae* a re:
Juda ke lere la ka la bolaodi.+
8 Moabe ke sekotlolo seo ke hlatswetsang ho sona.+
9 Ke mang ya tla ntlisa motseng o dikadikeditsweng?*
Ke mang ya tla etsa hore ke fihle Edomo?+