Dipesaleme
Pesaleme ya bara ba Kora.+ Pina.
87 Motheo wa motse wa hae o dithabeng tse halalelang.+
3 Ho buuwa dintho tse ntle ka wena, wena motse wa Modimo wa nnete.+ (Selah)
4 Rahaba+ le Babilona ke tla ba balla hara ba ntsebang.
Filistia le Tire ha mmoho le Kushe ke tsena.
Ho tla thwe: “Enwa ke ya hlahetseng moo.”
5 Ho tla thwe ka Sione:
“E mong le e mong o hlahetse teng.”
Ya Phahameng ka ho Fetisisa o tla tiisa Sione.
6 Ha Jehova a tlaleha ditjhaba o tla re:
“Enwa ke ya hlahetseng moo.” (Selah)
7 Dibini+ le ba tantshang ba potoloha+ ba tla re:
“O mohlodi wa dintho tsohle tse molemo tseo ke di fumanang.”+