Diproverbia
23 Ha o dula fatshe o ja le morena,
O be hlokolosi ha o ja tse ka pela hao.
3 O se ke wa kgalla dijo tsa hae tse hlabosang
E le hore o se ke wa thetswa ka tsona.
4 O se ke wa sebetsa ka thata hore o fumane maruo.+
Kgaotsa ho etsa jwalo mme o bontshe hore o na le kutlwisiso.*
6 O se ke wa ja dijo tsa motho ya timanang,
O se ke wa kgalla dijo tsa hae tse hlabosang.
7 Ekare o ntse a bala hore na o ja hakae.
O re ho wena: “Ja mme o nwe” empa ka pelong ha a tjho jwalo.*
8 O tla hlatsa dijo tseo o di jeleng
Mme pabatso ya hao e tla be e se na thuso.
12 Mamela kgalemelo ka pelo ya hao yohle,
O mamele dipolelo tsa tsebo.
21 Letahwa le motho ya jang ho feta tekano ba tla futsaneha,+
Ho otsela ha bona ho tla ba apesa marantha.
22 Mamela ntate wa hao ya o tswalang.
O se ke wa tella mme wa hao hobane feela a tsofetse.+
23 Reka* nnete mme o se ke wa e rekisa le ka mohla.+
Reka le bohlale, tayo le kutlwisiso.+
24 Ruri ntate wa motho ya lokileng o tla thaba,
Mang kapa mang eo e leng motswadi wa mora ya bohlale o tla thabiswa ke yena.
25 Ntate wa hao le mme wa hao ba tla thaba,
Mme wa hao ya o tswetseng o tla nyakalla.
29 Ke mang ya nang le bomadimabe? Ke mang ya sulafaletsweng?
Ke mang ya dikgang? Ke mang ya dikomang?
Ke mang ya nang le maqeba ntle ho lebaka? Ke mang ya mahlo a lerootho?
31 O se ke wa sheba mmala o mofubedu wa veine
Ha e shebahala e le monate ka koping, e lelemela ha monate
32 Hobane qetellong e loma jwalo ka noha,
E ntsha tjhefo jwalo ka marabe.
33 Mahlo a hao a tla bona dintho tse sa tlwaelehang,
Pelo ya hao yona e tla bua dintho tse tswileng tseleng.+
34 O tla ba jwalo ka motho ya robetseng bohareng ba lewatle,
O be jwalo ka motho ya robetseng hodimo palong e tshehetsang seile ya sekepe.