Lengolo la Pele le Yang ho Bakorinthe
12 Bana beso, ke batla hore le tsebe ka dimpho tseo Modimo a le fileng tsona.+ 2 Le a tseba hore pele le dumela ho Morena, le ne le laolwa le ho kgeloswa ke medimo ya ditshwantsho e sa tsebeng le ho bua.+ Le ne le etsa ntho e nngwe le e nngwe eo e neng e batla hore le e etse. 3 Ke batla le tsebe hore ha ho na motho ya tataiswang ke moya wa Modimo ya ka reng: “Jesu o lokela ho fuwa kotlo!” Hape ha ho na motho ya ka reng: “Jesu ke Morena!” ntle le ha a tataiswa ke moya o halalelang.+
4 Ho na le dimpho tse fapaneng empa kaofela re di fuwa ke moya o tshwanang+ 5 hape ho na le mesebetsi e mengata eo re e etsang+ empa re sebeletsa Morena a le mong. 6 Moya o halalelang o etsa hore batho ba etse dintho tse ngata tse sa tshwaneng empa ke Modimo a le mong ya fanang ka moya oo.+ 7 Tsela eo moya o halalelang o thusang batho ka yona e bonahala ho motho e mong le e mong mme ke Modimo ya ba fang wona e le hore o tswele batho ba bang molemo.+ 8 Moya o halalelang o fa motho bokgoni ba ho bua ka bohlale mme moya wona oo o fa motho e mong bokgoni ba ho bolella batho dintho tseo ba sa di tsebeng. 9 Moya o tshwanang o fa motho e mong tumelo+ ebe wona moya oo o fa motho e mong bokgoni ba ho phekola.+ 10 Moya o tshwanang o fa motho e mong bokgoni ba ho etsa mehlolo,+ e mong ba ho profeta, e mong ba ho utlwisisa hore na molaetsa o tswa ho Modimo kapa tjhe,+ e mong ba ho bua dipuo tse ngata+ ebe e mong yena o fuwa bokgoni ba ho fetolela dipuo.+ 11 Dintho tsena kaofela di etswa ke moya o le mong. Motho e mong le e mong o fuwa bokgoni ho ya ka hore na moya wa Modimo o mo fa jwang.
12 Mmele o na le ditho tse ngata. Le ha ho le jwalo, ditho tseo kaofela di etsa mmele o le mong.+ Mmele wa Kreste le wona o jwalo. 13 Kaofela re ile ra kolobetswa ka moya o le mong e le hore re be mmele o le mong mme kaofela ha rona re amohetse moya o le mong ho sa tsotellehe hore na re Bajuda kapa Bagerike, re makgoba kapa batho ba lokolohileng.
14 Mmele ha o na setho se le seng empa o na le tse ngata.+ 15 Haeba leoto le ne le ka kgona ho bua la re: “Ka ha ha ke letsoho, ha ke karolo ya mmele,” seo ha se bolele hore ha se karolo ya mmele. 16 Tsebe le yona haeba e ne e ka re: “Ka ha ha ke leihlo, ha ke karolo ya mmele,” seo ha se bolele hore ha se karolo ya mmele. 17 Haeba mmele wohle e ne e le leihlo, motho o ne a tla utlwa jwang? Haeba mmele wohle e ne e le tsebe, motho o ne a tla fofonela jwang? 18 Modimo o behile setho se seng le se seng sa mmele ka tsela eo a e batlang.
19 Haeba tsohle e ne e le setho se le seng, na ho ka be ho ena le mmele? 20 Ho na le ditho tse ngata empa mmele wona o mong. 21 Leihlo le ke ke la re ho letsoho, “Ha ke o hloke.” Hlooho le yona e ke ke ya re ho maoto, “Ha ke le hloke.” 22 Ha e le hantle, ditho tsa mmele tse bonahalang eka ha di na thuso, le tsona di a hlokeha. 23 Dikarolo tsa rona tsa mmele tseo re di nkang e se tsa bohlokwa hakaalo re di tshwara hantle+ mme dikarolo tse ding tsa mmele tseo re di swabelang re di tshwara ka tlhompho. 24 Empa dikarolo tsa mmele ya rona tse ntle ha re sebetse hakaalo ho di hlokomela. Modimo o bopile mmele ka tsela e tla etsa hore dikarolo tse haellwang ke tlhompho di be le tlhompho e eketsehileng. 25 O entse jwalo e le hore mmele o se ke wa arohana. Ditho tsa mmele di lokela ho hlokomelana.+ 26 Ha setho se seng sa mmele se utlwa bohloko, ditho tse ding kaofela di utlwa bohloko le sona.+ Haeba setho se seng sa mmele se hlomphuwa, ditho tse ding kaofela di thaba le sona.+
27 Le mmele wa Kreste+ mme e mong le e mong wa lona ke setho sa mmele oo.+ 28 Modimo o file e mong le e mong ka phuthehong mosebetsi. Wa pele ke wa baapostola,+ wa bobedi ke wa baprofeta,+ wa boraro ke wa mesuwe,+ e be wa ba etsang mehlolo,+ ba nang le bokgoni ba ho fodisa,+ ba thusang ba bang, ba fanang ka tataiso+ le ba nang le mpho ya ho bua dipuo tse fapaneng.+ 29 Ha se bohle bao e leng baapostola, baprofeta kapa mesuwe. Ha se bohle ba kgonang ho etsa mehlolo. 30 Ha se bohle ba fuweng mpho ya ho fodisa ba bang. Ha se bohle ba fuweng mpho ya ho bua dipuo tse fapaneng.+ Ha se bohle ba fuweng mpho ya ho fetolela dipuo tse ding.+ 31 Ka hoo, le sebetse ka thata hore le fumane mpho ya bohlokwa+ ka ho fetisisa ho tsena mme ke tla le bontsha ntho e bohlokwa ho feta tsohle.+