Diproverbia
25 Ana le ona ke maele a Solomone+ ao bahlanka ba Ezekiase+ morena wa Juda ba ileng ba a kopitsa:*
2 Modimo o tlotliswa ke ha taba e bolokwa e le sephiri,+
Marena ona a a tlotliswa ha a batlisisa taba.
3 Feela jwalo ka ha mahodimo a phahame le lefatshe le tebile,
Dipelo tsa marena le tsona di ke ke tsa utlwisiswa.
7 Ho molemo hore yena a re ho wena: “Nyolohela mona,”
Ho feta hore a o tlotlolle ka pela bahlomphehi.+
9 Lokisa ditaba le moahisani wa hao.+
O se ke wa ntsha makunutu a hae*+
10 Hobane ya o mametseng o tla o tlotlolla
Mme dintho tse mpe tseo o di buileng,* o ke ke wa di kgutlisa.
11 Lentswe le builweng ka nako e nepahetseng
Le jwalo ka diapole tsa kgauta ka dijaneng tsa silevera.+
12 Motho ya kgalemelang ka bohlale
O tshwana le lesale la kgauta le mokgabiso wa kgauta e hlwekileng ho motho ya mamelang.*+
13 Moromuwa ya tshepahalang
O jwalo ka serame sa lehlwa* letsatsing la kotulo
Ka ha o hlasimolla monga hae.+
14 Motho ya ithorisang ka hore o tlo fana ka mpho empa a sa etse jwalo,*+
O tshwana le maru le moya tse sa tliseng pula.
16 Ha o fumana mahe a dinotshi, ja a o lekaneng feela,
Ha o ja a mangata haholo, o ka nna wa a hlatsa.+
17 O se ke wa tjhakela moahisani wa hao hangata
E le hore o se ke wa mo tena yaba o a o hloya.
18 Motho ya fanang ka bopaki ba bohata kgahlanong le moahisani wa hae+
O jwalo ka molamu wa ntwa, sabole le motsu o leoditsweng.
19 Ho tshepa motho ya sa tshepahaleng* dinakong tsa mahlomola
Ho tshwana le ho hlafuna ka leino le pshatlehileng le ho tsamaya ka leoto le holofetseng.
20 Motho ya binelang pelo e hlomohileng dipina+
O tshwana le motho ya hlobolang seaparo ha ho bata
Le vinika ha e tshelwa hodima soda.*
21 Haeba motho ya o hloileng a lapile, o mo fe bohobe hore a je,
Haeba a nyorilwe, o mo fe metsi hore a nwe.+
25 Tlaleho e monate e tswang naheng e hole+
E tshwana le metsi a phodileng ha a nowa ke motho ya* kgathetseng.
27 Ha se ntho e ntle hore motho a je mahe a dinotshi a mangata haholo.+
Hape ha ho hotle hore motho a ipatlele thoriso.+