Dipesaleme
Pina ya ho Nyolohela Motseng. Pesaleme ya Solomone.
127 Haeba Jehova a sa hahe ntlo,
Le ha batho ba e hahang ba ka sebetsa ka thata, ba tla be ba sebeletsa lefeela.+
Haeba Jehova a sa lebela motse,+
Ha ho thuse letho hore molebedi wa motse oo a dule a phaphame.
2 Ha ho thuse letho ho tsoha esale hoseng,
Ho robala e se e le bosiu haholo
Le ho sebetsa ka thata hore o be le dijo
Hobane Modimo o hlokomela batho ba hae bao a ba ratang ebile o etsa hore ba robale ha monate.+
3 Bana* ke lefa le tswang ho Jehova.+
Ke mpho e tswang ho Modimo.+
5 Ho thaba monna ya tlatsang mokotla wa hae wa metsu ka bona.+