La Bobedi le Yang ho Bathesalonika
1 Nna Pauluse, ke na le Silvanase* le Timothea.+ Ke ngolla phutheho ya Bathesalonika e ikarabellang ho Modimo Ntate wa rona le Morena Jesu Kreste.
2 E se eka Modimo Ntate le Morena Jesu Kreste ba ka ba mosa* ho lona le ho le fa kgotso.
3 Bana beso, ka mehla re tlamehile ho leboha Modimo ka lebaka la lona. Ho loketse ho etsa jwalo hobane tumelo ya lona e ntse e matlafala haholo le lerato leo le ratanang ka lona le ntse le eketseha.+ 4 Ka lebaka leo, ha re le diphuthehong tsa Modimo, re a le rorisa+ hobane le ha le hloriswa ebile le hlahelwa ke mathata, le a mamella ebile le a bontsha hore le na le tumelo.+ 5 Taba ena ke bopaki ba hore Modimo o ahlola ka tsela e lokileng. Ka lebaka leo, o nka le tshwaneleha hore le amohele Mmuso wa hae, oo le utlwang bohloko ka lebaka la ona.+
6 Ke ntho e nepahetseng hore Modimo a iphetetse ho ba le bakelang mahlomola.+ 7 Ha e le lona ba mameletseng mahlomola, le tla imoloha le rona mohla Morena Jesu a senolwang+ a tswa lehodimong le mangeloi a hae a matla+ 8 a bile a tla ka mollo o tukang. O tla tlela ho iphetetsa ho batho ba sa tsebeng Modimo le ba sa mameleng ditaba tse monate tse buang ka Morena wa rona Jesu.+ 9 Batho bana ba tla ahlolwa, kotlo ya bona e tla ba hore ba fedisetswe ruri.+ Ka tsela eo, ba tla tloswa ka pela Morena mme ba ke ke ba hlola ba bona matla a hae a maholo. 10 Mohla Morena a tlang, o tla tlotliswa ha mmoho le bahalaledi mme bohle ba ileng ba bontsha hore ba na le tumelo ho yena ba tla be ba hloletswe ka lebaka la hae. Ka ha le ile la dumela dintho tseo re le boleletseng tsona, le tla ba hara bona.
11 Ka lebaka leo, re dula re le rapella hore Modimo a le nke le tshwaneleha hore ebe o le kgethile.*+ Hape re dula re rapella hore Modimo a etse dintho tsohle tse ntle tseo a batlang ho di etsa ka matla a hae le hore a atlehise dintho tsohle tseo le di etsang hobane le ena le tumelo. 12 Re rapella dintho tsena tsohle e le hore lebitso la Morena wa rona Jesu le ka tlotliswa ka lebaka la lona le hore le lona le tlotliswe ka lebaka la hae. Sena se tla bontsha hore Modimo wa rona le Morena Jesu Kreste ba mosa.