Dipesaleme
Ho motsamaisi. Pesaleme ya Davida. Pina.
2 O ile a nnyolla ka sekoting se kotsi,
A etsa hore ke tswe ka hara seretse
Yaba o nkemisa hodima lefika.
A tsitsisa mehato ya ka.
Ba bangata ba tla hlollwa ha ba bona sena
Ebe ba tshepa Jehova.
4 Ho thaba motho ya tshepang Jehova
Ya sa lateleng batho ba sa mameleng kapa ba leshano.
5 O entse dintho tse ngata hakaakang
Jehova Modimo wa ka,
Mesebetsi ya hao e a hlolla mme o nahanne dintho tse ngata tse re tswelang molemo.+
Ha ho na motho ya ka bapiswang le wena.+
Haeba ke ne nka leka ho bua ka tsona,
Di ne di tla ba ngata haholo hoo ke neng nke ke ka kgona ho di bala.+
Ha o a ka wa kopa dinyehelo tsa setjheso le dinyehelo tsa sebe.+
7 Ke ile ka re: “Bona, ke tlile.
9 Ke bolela ditaba tse monate tsa toka phuthehong e kgolo.+
Ha ke thibe molomo wa ka+
Jwalo ka ha o tseba seo hantle, Jehova.
10 Ka pelong ya ka ha ke pate taba ya hore o lokile.
Ke bua ka botshepehi ba hao le poloko ya hao.
Ha ke pate lerato* la hao le nnete ya hao phuthehong e kgolo.”+
11 Jehova hle, o se ke wa hana ho nkutlwela bohloko.
E se eka o ka ntshireletsa ka mehla hobane o lerato ebile o a tshepahala.+
12 Ditsietsi tse mpotapotileng di ngata hoo ke sa kgoneng ho di bala.+
Diphoso tsa ka di ngata haholo hoo ke sa kgoneng le ho bona moo ke yang.+
Di ngata le ho feta moriri o hloohong ya ka
Ebile ke nyahame.
13 Jehova, ke kopa o mpholose.+
Potlaka o tlo nthusa Jehova.+
14 Batho bohle ba batlang ho mpolaya
Ba ke ba hlajwe ke dihlong mme ba swabe.
Ba thabelang ditsietsi tsa ka
Ba ke ba kgutlele morao ba tlotlolohile.
15 E se eka ba ntseng ba re ho nna: “O laehile!”
Ba ka swaba ka lebaka la ho tlotlolleha.
E se eka ba ratang ho pholoswa ke wena ba ka re ka mehla:
“Jehova a ke a tlotliswe.”+
17 Ha ke kgone ho iketsetsa letho ebile ke futsanehile.
Jehova, e se eka o ka nkela hloko.
O mothusi wa ka le mopholosi wa ka.+
Modimo wa ka, o se ke wa dieha.+