Esaia
4 Letsatsing leo, basadi ba supileng ba tla tshwara monna a le mong+ ba re:
“Re tla ipatlela bohobe,
Re ipatlele le diaparo.
2 Letsatsing leo, dijalo tseo Jehova a di medisang di tla atleha mme di tlokome. Baphonyohi ba Iseraele ba tla thaba le ho ba motlotlo ka ditholwana tsa naha.+ 3 Mang kapa mang ya setseng Sione le ya siilweng Jerusalema o tla nkwa a halalela, bohle ba Jerusalema ba ngotsweng lethathamong la ba tla phela teng.+
4 Ha Jehova a hlatswa ditshila* tsa baradi ba Sione+ mme a tlosa madi* Jerusalema ka moya wa kahlolo le moya o tjhesang,*+ 5 Jehova o tla boela a etse leru le mosi motshehare le kganare ya mollo bosiu,+ hohle Thabeng ya Sione le sebakeng sa yona seo ho kopanelwang ho sona. Ho tla ba le tshireletso sebakeng sohle se kganyang. 6 Ho tla ba le lephephe le tla etsa moriti motshehare ha letsatsi le tjhesa,+ e be setshabelo le sebaka sa ho ipatela difefo le dipula.+