28 Ba kgopo ba a baleha le ha ho se ya ba lelekisang
Empa ba lokileng ba sebete jwalo ka tau.+
2 Ha baahi ba naha ba tlola melao, naha e tla ba le mmusi ka mora mmusi+
Empa ka thuso ya motho ya nang le kutlwisiso le tsebo, mmusi o tla tshwarella.+
3 Monna ya futsanehileng ya etsetsang ba tlase bolotsana+
O jwalo ka pula e hoholang dijo kaofela.
4 Batho ba tlolang molao ba rorisa ya kgopo
Empa ba mamelang molao ba halefela ba tlolang molao.+
5 Batho ba kgopo ba ke ke ba utlwisisa toka
Empa ba batlang Jehova ba ka utlwisisa ntho e nngwe le e nngwe.+
6 Motho ya futsanehileng empa a tshepahala
O molemo ho feta morui ya tletseng bobodu.+
7 Mora ya nang le kutlwisiso o boloka molao
Empa motswalle wa menyollo o tlotlolla ntate wa hae.+
8 Motho ya atisang maruo a hae ka phaello le tswala+
O a bokellela motho ya hauhelang bafutsana.+
9 Motho ya hanang ho mamela molao,
Esita le thapelo ya hae e a nyonyeha.+
10 Ya kgelosetsang ba lokileng tseleng e kgopo o tla wela ka sekoting sa hae+
Empa ba lokileng ba tla putswa ka se molemo.+
11 Motho ya ruileng o ipona a le bohlale+
Empa mofutsana ya sedi o tla mo lemoha.+
12 Ha ba lokileng ba hlola, ho ba le thabo e kgolo
Empa ha batho ba kgopo ba fumana matla, batho ba a ipata.+
13 Motho ya patang diphoso tsa hae a ke ke a atleha+
Empa ya di bolelang mme a di bakela o tla hauhelwa.+
14 Ho thaba motho ya dulang a fadimehile
Empa ya thatafatsang pelo ya hae o tla wela tlokotsing.+
15 Mmusi ya kgopo ya laolang bafutsana
O jwalo ka tau e rorang le bere e futuhang.+
16 Moetapele ya hlokang temoho o sebedisa matla a hae hampe+
Empa ya hloileng phaello ya bolotsana o tla lelefatsa bophelo ba hae.+
17 Motho ya molato wa polao e tla ba mophaphathehi ho isa lefung.+
Ho se ke ha eba le motho ya mo tshehetsang.
18 Motho ya phelang ka botshepehi o tla pholoha+
Empa ya bolotsana o tla wa hanghang.+
19 Motho ya lemang mobu wa hae o tla ba le dijo tse ngata
Empa ya sebeletsang dintho tse se nang thuso o tla futsaneha.+
20 Motho ya tshepahalang o tla hlohonolofala haholo+
Empa ya potlakelang ho rua o tla dula a le molato.+
21 Ho ba leeme ha se ntho e ntle+
Empa motho a ka etsa phoso hore a fumane sengwathwana sa bohobe.
22 Motho ya mona o kgalla ho rua
Empa ha a tsebe hore bofutsana bo tla mo wela hodimo.
23 Mang kapa mang ya kgalemelang motho+ o tla ratwa+
Ho feta ya fanang ka thoriso ya boikaketsi.
24 Mang kapa mang ya utswetsang ntate wa hae le mme wa hae ebe o re: “Ha se phoso,”+
Ke motswalle wa mashodu.+
25 Motho ya meharo o baka moferefere
Empa ya itshetlehang ka Jehova o tla atleha.+
26 Motho ya tshepang pelo ya hae ha a na kelello+
Empa ya etsang dintho ka bohlale o tla phonyoha.+
27 Mang kapa mang ya fang bafutsana a ke ke a hloka+
Empa ya iphapanyetsang bohloki ba bona o tla ba le bomadimabe bo bongata.
28 Ha ba kgopo ba fumana matla, motho o a ipata
Empa ha ba timela, ba lokileng ba a ngatafala.+