Esaia
29 “Ho madimabe Ariele,* Ariele, motse oo Davida a neng a hloma ditente ho ona.+
Etsang mekete ya lona ya selemo le selemo,+
Tswelang pele selemo se seng le se seng.
Ho nna o tla ba jwalo ka leifo la aletare ya Modimo.+
3 Ke tla hloma diahelo ka mahlakoreng ohle kgahlanong le wena,
Ke tla o thibella ka dithupa tse motsu
Mme ke hlome dintho tse tla o thibella.+
Lentswe la hao le tla tswa fatshe+
Jwalo ka la ya reng o buisana le bafu,
Ho tla ba jwalo ka ha eka o hweshetsa o le leroleng.
5 Letshwele la dira tsa hao* e tla ba phofo e thumisehileng,+
Letshwele la bahatelli e be mmoko o fefolwang ke moya.+
Mme ho tla etsahala hanghang, ka ho panya ha leihlo.+
6 Jehova wa mabotho o tla o sireletsa
Ka seaduma, tshisinyeho ya lefatshe le lerata le leholo,
Ka moya o matla, sefefo le malakabe a mollo o timetsang.”+
7 Letshwele la ditjhaba tsohle tse lwantshang Ariele,+
Bohle ba mo lwantshang,
Ba mo thibellang ka ditora
Le ba mo bakelang ditsietsi,
Ba tla ba jwalo ka toro, pono ya bosiu.
8 Ho tla ba jwalo ka ha motho ya lapileng a lora a ja
Empa a tsoha a lapile
Le jwalo ka ha motho ya nyorilweng a lora a nwa
Empa a tsoha a kgathetse hape a nyorilwe.
Letshwele la ditjhaba tsohle tse lwantshang Thaba ya Sione+
Le tla ba jwalo.
Ba tahilwe empa ha ba a tahwa ke veine.
Ba a thekesela empa ha se ka lebaka la jwala.
10 Jehova o le tshwarisitse boroko bo tebileng.+
11 Ho lona pono e nngwe le e nngwe e tshwana le mantswe a buka e kwetsweng.+ Ha ba e fa motho ya tsebang ho bala ba re: “Re kopa o re balle mona.” O tla re: “Ha ke kgone ka ha e kwetswe.” 12 Ebe ha ba e fa motho ya sa tsebeng ho bala, ba re: “Re kopa o bale mona.” O tla re: “Ha ke tsebe ho bala ho hang.”
13 Jehova o re: “Batho bana ba re ba a nthapela,
Ba ntlhompha ka melomo feela+
Empa dipelo tsa bona di suthetse hole le nna.
Ba ntlhompha ba ipapisitse le ditaelo tsa batho tseo ba di rutilweng.+
14 Ka hona, ke tla boela ke etse dintho tse makatsang ka batho bana,+
Ke tla ba makatsa ke boele ke ba makatse.
Bohlale ba bahlalefi ba bona bo tla fela
Le kutlwisiso ya bahlalefi ba bona e tla patwa.”+
15 Ho madimabe ba sebetsang ka thata ho patela Jehova merero ya bona.+
Ba etsetsa diketso tsa bona lefifing,
Ba ntse ba re: “Ke mang ya re bonang?
Ke mang ya tsebang ka rona?”+
Na ntho e entsweng e ka re ka moetsi wa yona:
“Ha ke a etswa ke yena”?+
Na ntho e entsweng e ka re ka moetsi wa yona:
“Ha a tsebe letho”?+
17 Ka mora nakwana e seng kae feela, Lebanone e tla fetolwa serapa sa difate tsa ditholwana+
Mme serapa sa difate tsa ditholwana se tla nkwa e le moru.+
18 Letsatsing leo, ba sa utlweng ditsebeng ba tla utlwa mantswe a buka.
Ba sa boneng ba tla lokollwa botshong le lefifing ebe ba a bona.+
19 Ba bonolo ba tla thaba haholo ka lebaka la Jehova
Le bafutsana ba tla thaba ka lebaka la Mohalaledi wa Iseraele.+
20 Mohatelli a ke ke a hlola a eba teng,
Moithorisi o tla fediswa
Le bohle ba dulang ba le malalaalaotswe bakeng sa ho ntsha kotsi ba tla fediswa+
21 Ha mmoho le ba etselletsang batho ba bang,
Ba tjhehang leraba bakeng sa ya buellang nyewe ya hae* keiting ya motse+
Le bao ka dikgang tse se nang thuso ba hanelang ya lokileng ka toka.+
22 Ka hona, Jehova ya lopolotseng Abrahama,+ o re ho ntlo ya Jakobo:
23 Ha a bona bana ba hae,
Bao e leng mosebetsi wa matsoho a ka, ba ena le yena,+
Ba tla halaletsa lebitso la ka,
Ba halaletse Mohalaledi wa Jakobo
Mme ba hlomphe Modimo wa Iseraele.+
24 Ba kgelohileng ba tla fumana kutlwisiso
Le ba tletlebang ba tla fumana thupelo.”