Jobo
9 Jobo a re:
2 “Ke a tseba hore dintho tseo ke nnete.
Empa motho a ka ipolela jwang hore o lokile ka pela Modimo?+
3 Haeba motho a ka batla ho phehisana le Modimo,*+
A ke ke a kgona ho araba le potso le ha e le nngwe ho tse sekete tseo a tla mo botsa tsona.
4 O bohlale ebile o matla haholo.+
Ke mang ya ka lekang ho lwana le yena ebe ha a lemale?+
9 O entse sehlopha sa dinaledi sa Ashe,* Kesile,* Kima*+
Ha mmoho le sehlopha sa dinaledi tse ka borwa.*
11 O feta pela ka empa ha ke mo bone,
O feta haufi le nna empa ha ke mo hlokomele.
12 Ha a nka ntho e itseng, ke mang ya ka mo thibang?
Ke mang ya ka reng ho yena, ‘O etsang?’+
14 Jwale nna nka mo araba jwang,
Na ha ke a lokela ho kgetha mantswe a ka ha ke phehisana le yena?
15 Le haeba ke nepile ke ne nke ke ka mo araba.+
Ke ne ke tla kopa feela hore moahlodi wa ka* a nkgauhele.
16 Haeba ke mo hweletsa, na o tla nkaraba?
Ha ke dumele hore o tla mamela lentswe la ka,
17 Ka ha o ntematsa ka sefefo
Ebile o eketsa maqeba a ka ntle ho lebaka.+
18 Ha a ntumelle le hore ke heme,
O dula a ntlisetsa dintho tse bohloko.
19 Ha ho buuwa ka matla, ke yena ya matla.+
Ha ho buuwa ka toka, o re, ‘Ke mang ya ka nqosang?’*
20 Haeba ke ne ke nepile, molomo wa ka o ne o tla hana,
22 Ho a itshwanela. Ke ka lebaka leo ke reng,
‘O fedisa ya se nang molato* le ya kgopo ka tsela e tshwanang.’
23 Haeba morwallo o matla o ka bolaya batho ka tshohanyetso,
O ne a tla soma ba se nang molato ha ba utlwa bohloko.
Haeba ha se yena ya etsang sena, jwale ke mang?
26 A tsamaile jwalo ka dikepe tsa lehlaka,
Jwalo ka dintsu tse fofelang tlase ho diphofu tsa tsona.
27 Haeba ke re, ‘Ke tla lebala bohloko ba ka,
Ke tla tlohela ho kwata mme ke thabe,’
28 Ke ne ke tla nne ke tshohe ka lebaka la dintho tsohle tse bohloko tse ntlhahelang,+
Mme ke a tseba hore o ne o tla re ke molato.
29 Ho ne ho tla thwe ke molato.*
Ke hobaneng ha ke lokela ho sehlela lefeela?+