Diproverbia
3 Bowatla ba motho bo mo lebisa tseleng e fosahetseng
Ebe pelo ya hae e halefela Jehova.
4 Motho ya ruileng o ba le metswalle e mengata
Empa motho ya futsanehileng o tla lahlwa le ke motswalle wa hae ya mong.+
6 Ba bangata ba batla ho ratwa ke mohlomphehi*
Mme e mong le e mong ke motswalle wa motho ya fanang ka dimpho.
7 Bana ba bo mofutsana ba mo hloile kaofela.+
Metswalle ya hae e mo furaletse le ho feta.+
O dula a ba kopa empa ha ba na taba le yena.
8 Ya batlang bohlale* o a ithata.+
Ya ratang* temoho o tla atleha.*+
10 Sethoto ha se tshwanelwe ke ho hafa ka nkatana
Feela jwalo ka ha mohlanka a sa tshwanelwe ke ho busa dikgosana.+
12 Kgalefo ya morena e tshwana le ho rora ha tau*+
Empa lerato la hae le jwalo ka phoka hodima dimela.
13 Mora ya hlokang kelello o tlisetsa ntate wa hae ditsietsi.+
Mosadi ya ratang dikgang* yena o tshwana le marulelo a dulang a nela.+
15 Motho ya botswa o rata boroko haholo.
Motho ya sa batleng ho sebetsa o tla lapa.+
19 Ha motho e le sefelapelwana o tla lefa ha boima.
Ha o ka leka ho mo lopolla, o tla dula o mo lopolla nako le nako.+
22 Ntho e kgahlehang ho motho ke lerato+
Ebile ho molemo ho futsaneha ho ena le ho ba motho ya leshano.
23 Ho tshaba Jehova ho lebisa bophelong,+
Ya mo tshabang o tla phela ka boiketlo, ha ho na letho le tla mo ntsha kotsi.+
24 Ya botswa o kentse letsoho la hae ka sekotlolong se seholo
Empa o tswafa le ho le isa ka hanong la hae.+
25 Shapa mosomi+ e le hore ya se nang tsebo a ka hlalefa,+
Kgalemela ya bohlale e le hore a eketse tsebo ya hae.+
26 Ya tshwarang ntate wa hae hampe le ya lelekang mme wa hae
Ke mora ya swabisang le ya tlotlollang.+
27 Mora wa ka, haeba o kgaotsa ho mamela ha o lauwa,
O tla kgeloha dithuto tsa tsebo.