Dipesaleme
Lebohang Jehova hobane o molemo.+
Lerato la hae ha le fele le ka mohla.+
2 Ke mang ya ka phatlalatsang mesebetsi yohle ya Jehova e matla
Kapa a bue ka diketso tsohle tsa hae tse tshwanelwang ke ho roriswa?+
4 O nkgopole hle Jehova, ha o bontsha batho ba hao mosa.+
O ntlhokomele mme o mpholose
5 E le hore ke tle ke thabele dintho tse molemo tseo o di etsetsang bao o ba kgethileng+
Le hore ke thabe le setjhaba sa hao,
Ke tle ke o rorise ke le motlotlo* le batho bao e leng lefa la hao.
6 Re entse sebe feela jwalo ka baholoholo ba rona.+
Re fositse ebile re entse dintho tse kgopo.+
7 Ha baholoholo ba rona ba le Egepeta, ha ba a ka ba ananela* dintho tse hlollang tseo o ileng wa ba etsetsa tsona.
Ba ile ba lebala hore o ba rata haholo
Yaba ba o fetohela ha ba le Lewatleng le Lefubedu.+
9 A kgalemela Lewatle le Lefubedu mme la psha.
A ba fetisa botebong ba lona jwalo ka ha eka o ba fetisa lehwatateng.*+
11 Dira tsa bona tsa kwahelwa ke metsi.
Ha ho le ya mong wa tsona ya ileng a phonyoha.*+
13 Empa ba ile ba lebala kapele seo a se entseng.+
Ha ba a ka ba emela hore a ba bolelle seo ba lokelang ho se etsa.
18 Mollo wa tuka sehlopheng sa bona.
Lelakabe la tjhesa ba kgopo.+
21 Ba lebala Modimo,+ Mopholosi wa bona,
Ya ileng a ba etsetsa dintho tse kgolo Egepeta,+
22 A ba etsetsa dintho tse hlollang naheng ya Kama+
Le dintho tse tshosang Lewatleng le Lefubedu.+
23 O ne a le haufi le ho laela hore ba fediswe
Empa Moshe eo a mo kgethileng,
A mo kopa hore a se ke a halefa mme a ba fedisa.+
24 Ba ile ba nyatsa naha e ntle.+
Ba ne ba sa dumele tshepiso ya hae.+
25 Ba nna ba korotla ditenteng tsa bona.+
Ha ba a ka ba mamela Jehova.+
26 O ile a phahamisa letsoho, a ikana
Hore o tla ba fedisa lefeelleng,+
27 A fedise le ditloholo tsa bona hara ditjhaba
Le hore o tla ba hasanya dinaheng tsohle.+
32 Ba ile ba halefisa Modimo metsing a Meriba*
Yaba dintho di tsamaela Moshe hampe ka lebaka la bona.+
38 Ba nna ba bolaya batho ba se nang molato,+
Ba bolaya bara le baradi ba bona
Ka ho etsetsa ditshwantsho tsa Kanana mahlabelo ka bona.+
Ba silafatsa naha ka ho tsholla madi.
39 Ba itshilafatsa ka dintho tseo ba neng ba di etsa.
Ha ba a ka ba tshepahalla Modimo* ka diketso tsa bona.+
40 Jehova a halefela setjhaba sa hae,
A hloya batho ba hae.
42 Dira tsa bona di ne di ba hatella
Di bile di ba laola.
43 O ne a ba pholosa ka makgetlo a mangata+
Empa ba ne ba mo fetohela mme ba sa mo mamele+
Ebe ba a tlotlolleha ka lebaka la diphoso tsa bona.+
45 O ne a hopola selekane sa hae seo a se entseng le bona,
47 Re pholose, Jehova Modimo wa rona.+
O re phuthe ditjhabeng+
E le hore re ka rorisa lebitso la hao le halalelang
Re be re o rorise re thabile.+
Batho bohle ba ke ba re, “Amen!”*
Rorisang Jah!*