Buka ya Pele ya Dikronike
28 Davida a bokella dikgosana tsohle tsa Iseraele Jerusalema: Dikgosana tsa maloko,+ balaodi ba dihlopha tse sebeletsang morena, balaodi ba ba dikete le ba ba makgolo,+ balaodi ba thepa yohle le diphoofolo tsohle tsa morena+ le bara ba hae+ ha mmoho le balaodi ba makgotla le banna bohle ba matla le ba nang le bokgoni.+ 2 Morena Davida a ema mme a re:
“Mmameleng bana beso le setjhaba sa ka. Ke ne ke lakaditse ho haha ntlo hore e be setulwana sa maoto sa Modimo wa rona le hore areka ya selekane sa Jehova e dule teng+ mme ke lokisitse dintho hore e hahwe.+ 3 Empa Modimo wa nnete o ile a re ho nna, ‘O ke ke wa nkahela ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la ka+ hobane o lwanne dintwa tse ngata ebile o bolaile batho ba bangata.’*+ 4 Le ha ho le jwalo, Jehova Modimo wa Iseraele o kgethile nna ho bohle ba lelapa la Ntate hore ke be morena wa Iseraele ka ho sa feleng.+ O kgethile Juda hore e be moetapele,+ ho leloko la Juda a kgetha lelapa la ntate wa ka,+ ho bara ba ntate wa ka a kgetha nna hore ke be morena wa Iseraele yohle.+ 5 Jehova o mphile bara ba bangata+ mme ho bona kaofela a kgetha Solomone+ hore a dule teroneng ya borena ya Jehova mme a buse Iseraele.+
6 O ile a re ho nna: ‘Mora wa hao Solomone ke yena ya tla haha ntlo ya ka le mabala a ka hobane ke kgethile yena hore e be mora wa ka mme nna ke tla ba ntate wa hae.+ 7 Ke tla tiisa borena ba hae ka ho sa feleng+ haeba a ikemiseditse ho mamela ditaelo tsa ka le melao ya ka+ jwalo ka ha a ntse a etsa.’ 8 Ke bua ka pela Baiseraele bohle, phutheho ya Jehova le ka pela Modimo wa rona ke re: Batlang ditaelo tsohle tsa Jehova Modimo wa lona mme le mamele ka hloko e le hore le ka fumana naha e ntle+ mme le e fetisetse ho bara ba lona hore e be lefa la bona ka ho sa feleng.
9 Solomone mora wa ka, tseba Modimo wa ntate wa hao mme o mo sebeletse ka pelo yohle*+ o thabile* hobane Jehova o hlahloba dipelo tsohle+ mme o kgona ho bona dintho tsohle tseo motho a di nahanang.+ Haeba o mo batla, o tla etsa hore o mo fumane+ empa haeba o mo tlohela, o tla o lahla ka ho sa feleng.+ 10 Hlokomela hore Jehova o kgethile wena hore o mo hahele ntlo e tla ba sebaka se halalelang. Eba sebete mme o sebetse.”
11 Davida a fa mora wa hae Solomone polane ya ho haha+ foranta+ le dikamore tse fapaneng, ho akarelletsa le dikamore tsa ho boloka thepa, dikamore tse ka hodimo, dikamore tse ka hare le kamore ya ho tshwarelwa dibe.*+ 12 O ile a mo fa polane ya ho haha dintho tsohle tseo moya wa Modimo o ileng wa mo bontsha tsona, polane ya ho haha mabala+ a ntlo ya Jehova, ya dikamore tsohle tsa ho jela tse ka thoko, ya sebaka se bolokang matlotlo a ntlo ya Modimo wa nnete le sa matlotlo a dintho tse nehetsweng.*+ 13 Davida a boela a mo fa ditaelo mabapi le dihlopha tsa baprista+ le tsa Balevi le mesebetsi yohle e etswang ntlong ya Jehova le dintho tsohle tse sebediswang ntlong ya Jehova. 14 A boela a mo bolella boima ba kgauta e tla etsa dintho tsohle tsa kgauta tse tla sebediswa mesebetsing e fapaneng le boima ba silevera e tla etsa dintho tsohle tsa silevera tse tla sebediswa mesebetsing e fapaneng. 15 A mo bolella le boima ba kgauta+ e tla etsa mabone ohle a kgauta le didulwana tsa ona, le boima ba silevera e tla etsa mabone ohle a silevera le didulwana tsa ona ho latela hore na di tla sebediswa jwang. 16 A mo bolella le boima ba kgauta e tla etsa tafole e nngwe le e nngwe e tla beha bohobe*+ le boima ba silevera e tla etsa ditafole tsa silevera, 17 kgauta e hlwekileng bakeng sa difereko, dikotlolo, dijeke le boima ba kgauta e tla etsa dikotlolo tsohle tse nyenyane tsa kgauta+ le boima ba silevera e tla etsa dikotlolo tsohle tse nyenyane tsa silevera. 18 A bolela le boima ba kgauta e hlwekileng e tla etsa aletare ya dibano+ le e tla etsa dikerubime+ tsa kgauta tse emelang koloi ya Modimo+ tse phukaladitseng mapheo a tsona ho sireletsa areka ya selekane sa Jehova. 19 Davida a re: “Jehova o ile a ntataisa mme a mpha bohlale ba hore ke ngole dintlha tsohle tsa polane ya ho haha.”+
20 Davida a re ho mora wa hae Solomone: “Eba sebete, o be matla mme o sebetse. O se ke wa tshoha kapa wa thothomela hobane Jehova Modimo wa ka o na le wena.+ A ke ke a o lahla kapa a o tlohela+ empa o tla ba le wena ho fihlela mosebetsi wohle wa ho haha ntlo ya Jehova o fedile. 21 Dihlopha tsa baprista+ le tsa Balevi+ ke tsena bakeng sa mosebetsi wohle wa ntlo ya Modimo wa nnete. O na le batho ba tsebang ho etsa mesebetsi ya mefuta yohle le ba ikemiseditseng ho o thusa+ le dikgosana+ le batho bohle ba tla phetha ditaelo tsohle tsa hao.”