Joele
Hweletsang le le thabeng ya ka e halalelang,
Le phatlalatse hore ho tla ba le ntwa. Baahi bohle ba lefatshe ba ke ba ferekane
Hobane letsatsi la Jehova le a tla,+ le haufi.
2 Letsatsing leo, ho tla ba le lefifi le tshabehang,+
Ho be maru le lefifi le letsholetsho,+
Le tla hlaha jwalo ka mafube dithabeng.
Ho na le batho ba bangata ba matla,+
Ha ho eso ka ho eba le ba tshwanang le bona
Ebile ba ke ke ba hlola ba eba teng
Molokong ofe kapa ofe.
Naha e ka pela bona e jwalo ka Edene,+
Ka mora bona ke dithako.
Ha ho letho le ka pholohang.
Ba tshwana le batho ba matla ba itokiseditseng ntwa.+
6 Batho ba tla hlonama ka lebaka la bona.
Batho bohle ba tla bonahala le mahlong hore ba tshohile.
7 Ba matha jwalo ka bahlabani,
Ba hlwa lerako jwalo ka masole,
E mong le e mong o a tseba hore na o lokela ho etsang,
Ha ho na ya kgelohang tsela.
8 Ha ba sutumetsane,
E mong le e mong o tsamaya tseleng ya hae.
Ha e mong a bolawa ke lerumo,
Ba bang ha ba kgelohe tsela.
9 Ba potlakela motseng, ba matha hodima marako.
Ba hlwella matlo, ba kena ka difensetere jwalo ka mashodu.
10 Ha ba hlasela, lefatshe le a reketla, lehodimo le a thothomela,
Letsatsi le kgwedi di a fifala,+
Dinaledi le tsona di a fifala.
11 Jehova o tla phahamisa lentswe ha a bua le masole a hae+ hobane lebotho la hae le leholo haholo.+
Ya phethang lentswe la hae o matla.
Letsatsi la Jehova le leholo ebile le a tshosa.+
Ke mang ya ka le mamellang?”+
12 Jehova o re: “Le sa na le nako ya ho kgutlela ho nna, le kgutlele ho nna ka dipelo tsohle,+
Itimeng dijo,+ le lle, le bokolle.
13 Le bontshe hore le swabile ho tloha pelong,+ le se ke la tabola diaparo tsa lona feela,+
Kgutlelang ho Jehova Modimo wa lona
Hobane o na le kutlwelobohloko,* o mohau, o dieha ho halefa+ mme o lerato,*+
O tla fetola maikutlo a hae ebe ha a le tlisetse tlokotsi.
14 Ho tseba mang? Mohlomong o tla fetola qeto eo a e entseng+
Ebe o a le hlohonolofatsa
E le hore le ka etsetsa Jehova Modimo wa lona nyehelo ya dijo* le nyehelo ya seno.
15 Letsang lenaka Sione.
Phatlalatsang hore batho ba itime dijo, tsebisang batho hore ho na le kopano e kgethehileng.+
16 Bokellang setjhaba le se hlwekise e le hore phutheho e halalele.+
Bokellang bannabaholo,* bana le masea.+
Monyadi le monyaduwa le bona ba tswe ka kamoreng ya bona.
‘Hauhela batho ba hao Jehova.
O se ke wa dumella hore batho ba hao ba nyefolwe,
Ba buswe ke ditjhaba tse ding
Esere ditjhaba tseo tsa ba soma tsa re: “O kae Modimo wa bona?”’+
19 Jehova o tla araba batho ba hae a re:
‘Ke tla le fa dijo, veine le oli,
Le tla ja le be le di shebe feela.+
Ditjhaba di ke ke tsa hlola di le nyefola.+
20 Ya hlaselang a tswa leboya ke tla mo suthisetsa hole le lona,
Ke mo lelekele sebakeng se omeletseng, se se nang metsi,
Ke tla mo shebisa lewatleng le ka botjhabela,*
Ke mo furallise lewatleng le ka bophirimela.*
21 Wena naha, o se ke wa tshoha,
O thabe mme o nyakalle hobane Jehova o tla etsa dintho tse kgolo.
22 Lona diphoofolo tse hlaha, le se ke la tshoha
Hobane naheng ho tla ba le makgulo a matala.+
Le difate di tla beha,+
23 Bana ba Sione, thabang le nyakalle ka lebaka la dintho tseo Jehova Modimo wa lona a tla di etsa,+
Ka hwetla o tla le nesetsa pula eo le e hlokang,
A le nesetse pula ya ditlwebelele,
A le nesetse pula ya hwetla le ya selemo jwalo ka pele.+
25 Ke tla le buseletsa dintho tsohle tseo le lahlehetsweng ke tsona dilemo tsena tsohle,
Tse jeweng ke lebotho la ka le leholo la ditsie* tsa mefutafuta tseo ke neng ke di rometse ho lona.+
Le rorise lebitso la Jehova Modimo wa lona+
Ya le etseditseng dintho tse kgolo.
Batho ba ka ba ke ke ba hlola ba nyefolwa.+
27 Le tla tseba hore ke na le Baiseraele,+
Le tsebe hore ke nna Jehova Modimo wa lona+ mme ha ho e mong.
Batho ba ka ba ke ke ba hlola ba nyefolwa.
28 Ka mora moo, ke tla fa motho e mong le e mong moya o halalelang,+
Bara le baradi ba lona ba tla profeta,
Bannabaholo ba lona ba tla lora ditoro.
Bahlankana ba lona ba bone dipono.+
29 Ka nako eo, ke tla fana ka moya wa ka
Esita le ho makgoba a ka a banna le a basadi.