Tshenolo e yang ho Johanne
9 Lengeloi la bohlano la letsa terompeta+ ya lona. Ka bona naledi e neng e theohetse lefatsheng e tswa lehodimong. E ile ya fuwa senotlolo sa sekoti se tebileng.+ 2 Ya bula sekoti seo yaba ho nyoloha mosi o kang wa sebopi se seholo sa mollo. Letsatsi le lehodimo tsa fifatswa+ ke mosi o tswang ka sekoting seo. 3 Ditsie tsa tswa hara mosi oo tsa tla lefatsheng.+ Di ile tsa fuwa matla a lekanang le ao diphepheng di neng di a fuwe. 4 Ditsie tseo tsa bolellwa hore di se ke tsa senya dimela, difate kapa ntho efe kapa efe e tala lefatsheng empa di hlokofatse feela batho ba se nang letshwao la Modimo diphatleng.+
5 Ditsie di ile tsa dumellwa ho ba hlokofatsa ka dikgwedi tse hlano eseng ho ba bolaya. Di ne di ba hlokofatsa jwalo ka phepheng+ ha e loma motho. 6 Ka nako eo, batho ba tla batla lefu empa ba ke ke ba le fumana, ba tla lakatsa ho shwa empa ba ke ke ba shwa.
7 Ditsie tseo di ne di shebahala jwalo ka dipere tse loketseng ntwa.+ Di ne di rwetse dintho tse tshwanang le dikorone tsa kgauta, difahleho tsa tsona di tshwana le tsa batho, 8 di ne di ena le moriri o kang wa basadi le meno a kang a ditau.+ 9 Di ne di apere dintho tse kang ditshireletso tsa sefuba tsa tshepe. Modumo wa mapheo a tsona o ne o tshwana le wa dikariki tse hulwang ke dipere tse ngata tse mathelang ntweng.+ 10 Di ne di ena le mehatla e tshwanang le ya diphepheng e nang le metsu. Mehatla ya tsona e ne e ena le matla a ho hlokofatsa batho ka dikgwedi tse hlano.+ 11 Morena wa tsona ke lengeloi le okametseng sekoti se tebileng.+ Ka Seheberu le bitswa Abadone* empa ka Segerike le bitswa Apolione.*
12 Bomadimabe ba pele bo fetile. Bomadimabe ba bobedi le ba boraro+ bo tla tla ka mora dintho tsena.
13 Lengeloi la botshelela+ la letsa terompeta+ ya lona. Ka utlwa lentswe le leng le hlahang manakeng a aletare+ ya kgauta e ka pela Modimo. 14 La re ho lengeloi la botshelela le tshwereng terompeta: “Lokollang mangeloi a mane a tlamilweng nokeng e kgolo ya Eufrate.”+ 15 Mangeloi ao a mane a lokollwa. A ne a lokiseditswe hora, letsatsi, kgwedi le selemo seo ka sona a tla bolaya batho ba bangata.*
16 Ke ile ka utlwa palo ya mabotho a bapalami ba dipere. E ne e le dimilione tse 200. 17 Dipere tseo ke di boneng ponong di ne di ena le dihlooho tse kang tsa ditau,+ melomong ya tsona ho ne ho tswa mollo, mosi le sebabole. Ba di palameng ba ne ba apere ditshireletso tsa sefuba tse bofubedu ba mollo, bosehla ba sebabole le tse mmala o moputswa. 18 Batho ba bangata ba ile ba bolawa ke mollo, mosi le sebabole tse neng di tswa melomong ya tsona. 19 Matla a dipere tseo a ne a le melomong ya tsona le mehatleng ya tsona ka ha mehatla ya tsona e ne e tshwana le dinoha e ena le dihlooho. Dipere tseo di ne di ntsha batho kotsi ka mehatla ya tsona.
20 Batho ba bang kaofela ba sa kang ba bolawa ke dikotlo tsena ha ba a ka ba bakela mesebetsi ya bona. Ha ba a ka ba emisa ho rapela bademona le medimo ya ditshwantsho e sa boneng, e sa utlweng le e sa kgoneng ho tsamaya, e entsweng ka kgauta, silevera, koporo, lejwe le lepolanka.+ 21 Ha ba a ka ba tlohela ho bolaya, ho sebedisana le meya, ho etsa boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano* le ho utswa.