Joele
1 Jehova o ile a laela Joele* mora wa Pethuele hore a bue mantswe ana:
Na le kile la hlahelwa ke ntho e tjee mehleng ya lona?
Kapa na ho kile ha hlaha ntho e tjee mehleng ya baholoholo ba lona?+
3 E pheteleng bana ba lona
Le bana ba lona ba e phetele bana ba bona,
Bana bao le bona ba e phetele moloko o hlahlamang.
4 Sehlopha sa pele sa ditsie* sa ja sa siya, sa bobedi le sona sa ja sa siya,
Sa boraro sa ja sa siya,
Sa bone sa ja yaba se kokona sohle.+
5 Tsohang le lle lona matahwa.+
Le lle lona ba nwang veine
Hobane ha le sa na veine e monate.+
6 Ho na le setjhaba se hlasetseng naha ya ka, se matla ebile se sengata hoo se se nang palo.+
Meno a sona ke a tau+ le mehlahare ya sona ke ya tau.
7 Se sentse difate tsa ka tsa morara, sa siya sefate sa ka sa feie* e le kutu,
Sa di siya di hlobotse sa ba sa di lahla,
Sa di ebola makala sa a siya a le masweu twa!
9 Ha ho sa tliswa dinyehelo tsa dijo*+ le dinyehelo tsa seno+ ntlong ya Jehova,
Baprista e leng basebeletsi ba Jehova, ba utlwile bohloko.
11 Dihwai di swabile, balemi ba morara ba a lla
Hobane koro le harese ha di sa le yo,
Dijalo di senyehetse masimong.
12 Sefate sa morara se omeletse,
Sefate sa feie se ponne.
Sefate sa kgarenate, sa palema, sa apole
Le difate tse ding tsohle tse masimong di omeletse+
Hobane thabo ya baahi e fetohile maswabi.
13 Lona baprista, aparang lesela le hwashang* le utlwe bohloko,*
Bokollang lona basebeletsi ba aletare.+
Lona basebeletsi ba Modimo, kenang le qete bosiu le apere lesela le hwashang*
Hobane dinyehelo tsa dijo+ le dinyehelo tsa seno+ ha di sa tliswa ntlong ya Modimo.
14 Phatlalatsang hore batho ba itime dijo, tsebisang batho hore ho na le kopano e kgethehileng.+
Bitsang baholo le setjhaba kaofela,
Le ba bitsetse ntlong ya Jehova Modimo wa lona+ ebe le kopa Jehova hore a le thuse.
15 Letsatsi leo e tla ba le tshosang.
Letsatsi la Jehova le haufi,+
Mohlang oo, Ya Matla Ohle o tla fedisa batho.
16 Re amohuwe dijo re ntse re shebile,
Ra amohuwa thabo le nyakallo ntlong ya Modimo wa rona.
17 Ha ba phethola mobu ba fumane peo ya difeie e omeletse.*
Ditoro* di omme,
Ditoro tsa dijo di qhaqhilwe hobane dijo ha di sa le yo.
18 Esita le diphoofolo di a lla.
Mehlape ya dikgomo e a hlahlathela ka lebaka la ho ferekana, e hloka makgulo.*
Dinku le tsona di sotlehile.
19 Ke tla kopa thuso ho wena Jehova+
Hobane mollo o tjhesitse makgulo naheng,
Wa tjhesa le difate tsohle masimong.
20 Esita le diphoofolo tse hlaha di llela hore o di thuse
Hobane metsi a dinoka a pshele
Hape mollo o tjhesitse makgulo ohle naheng.”