Jeremia
32 Jehova o ile a bua le Jeremia ka selemo sa leshome sa puso ya Morena Tsedekia wa Juda e leng selemo sa bo18 sa puso ya Nebukadnezare.*+ 2 Ka nako eo, masole a morena wa Babilona a ne a thibeletse Jerusalema. Moprofeta Jeremia o ne a kwaletswe ka Lebaleng la Balebedi+ ka tlung ya morena* wa Juda. 3 Morena Tsedekia wa Juda o ne a tshwere Jeremia+ yaba o re ho yena: “Ke hobaneng ha o profeta tjee? O re: ‘Jehova o re: “Ke tla nehelana ka motse ona matsohong a morena wa Babilona mme o tla o hapa.+ 4 Morena Tsedekia wa Juda a ke ke a phonyoha Bakalde etswe ruri ho tla nehelanwa ka yena matsohong a morena wa Babilona mme ba tla buisana ba shebane mahlong.”’+ 5 Jehova o re: ‘O tla isa Tsedekia Babilona mme Tsedekia o tla dula teng ho fihlela ke etsa qeto ya hore na ke tla etsang ka yena. Le hoja le ntse le lwantsha Bakalde, le ke ke la atleha.’”+
6 Jeremia a re: “Jehova o itse ho nna: 7 ‘Hanamele mora wa Shalume ntatemoholo wa hao,* o tla tla ho wena a re: “Ithekele tshimo ya ka e Anathothe+ hobane o na le tokelo ya ho e reka pele.”’”+
8 Hanamele ngwana Ntatemoholo* a tla ho nna Lebaleng la Balebedi jwalo ka ha Jehova a tjhulo mme a re ho nna: “Ke kopa o reke tshimo ya ka e Anathothe, naheng ya Benjamine ka ha o na le tokelo ya hore e be ya hao le ya hore o e reke. Ithekele yona.” Ntho ena e ile ya etsa hore ke tsebe hore ke Jehova ya neng a batla hore ho be jwalo.
9 Yaba ke reka tshimo e Anathothe ho Hanamele ngwana Ntatemoholo. Ka mo bekgela tjhelete+ e etsang dikramo tse ka bang 80* le dikotwana tsa silevera tse leshome. 10 Jwale ka ngola lengolo la tumellano,+ ka le tempa,* ka bitsa dipaki+ yaba ke bekga tjhelete dikaleng. 11 Ka nka lengolo leo la tumellano le neng le kwetswe le bile le tempuwe ho ya ka taelo le molao mmoho le le neng le sa tempuwa 12 yaba ke fa Baruke+ mora wa Neria+ setloholo sa Mahaseia lengolo la tumellano le tempuweng. Ka mo fa lona Hanamele ngwana Ntatemoholo a le teng. Ho ne ho boetse ho ena le dipaki tse pakileng lengolong la tumellano le tempuweng le Bajuda bohle ba neng ba dutse Lebaleng la Balebedi.+
13 Ka laela Baruke ba ntse ba mametse ka re: 14 “Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Nka mangolo ana, lengolo la tumellano le kwetsweng ha mmoho le le butsweng, o a kenye ka Hara nkgo ya letsopa e le hore a se ke a senyeha.’ 15 Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Ho tla boela ho rekwe matlo, masimo le dirapa tsa morara naheng ena.’”+
16 Yaba ke rapela Jehova ka mora hore ke fe Baruke mora wa Neria lengolo la tumellano. Ka re: 17 “Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle! O entse mahodimo le lefatshe ka matla a hao a maholo+ le ka letsoho la hao le matla. Ha ho letho le ka o hlolang, 18 wena ya hauhelang batho ba dikete empa o tlohela bara hore ba kgole ditholwana tsa diphoso tsa bontate ba bona,+ Modimo wa nnete, e moholo, ya matla, eo lebitso la hae e leng Jehova wa mabotho. 19 Merero ya hao e meholo mme diketso tsa hao di matla,+ wena eo mahlo a hao a bonang diketso tsohle tsa batho,+ e le hore o fe e mong le e mong ho ya ka ditsela tsa hae le ho ya ka mesebetsi ya hae.+ 20 O entse dipontsho le mehlolo naheng ya Egepeta, tse ntseng di tsejwa le kajeno mme o iketseditse lebitso Iseraele le hara batho bohle+ feela jwalo ka ha ho tla etsahala letsatsing lena. 21 O ntshitse batho ba hao ba Iseraele naheng ya Egepeta, ka dipontsho, ka mehlolo, ka letsoho le matla* le ka diketso tse tshabehang.+
22 Ka mora nako, wa ba fa naha ena eo o ileng wa hlapanyetsa baholoholo ba bona+ hore o tla ba fa yona, naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.+ 23 Ba ile ba tla mme ba dula ho yona empa ha ba a ka ba mamela lentswe la hao kapa ba ikobela molao wa hao. Ha ba a ka ba etsa eng kapa eng eo o ileng wa ba laela hore ba e etse, hoo o ileng wa etsa hore tlokotsi ena yohle e ba hlahele.+ 24 Banna ba tlile motseng mme ba entse ditotoma tse o thibellang e le hore ba o hape.+ Motse o tla wela matsohong a Bakalde ba o lwantshang ka lebaka la sabole,+ tlala le lefu la sewa.+ Dintho tseo o di boletseng di etsahetse jwalo ka ha o bona. 25 Le hoja motse o tla nehellwa Bakalde, Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle, o itse ho nna: ‘Ithekele tshimo ka tjhelete mme o bitse dipaki.’”
26 Yaba Jehova o re ho Jeremia: 27 “Ke nna Jehova, Modimo wa batho bohle. Na ho na le ntho le ha e le efe e ka ntlholang? 28 Ka hona, Jehova o re: ‘Ke nehelana ka motse ona ho Bakalde le ho Nebukadnezare* morena wa Babilona mme o tla o hapa.+ 29 Bakalde ba lwantshang motse ona ba tla kena mme ba o hotetse. Ba tla tjhesa motse ona+ le matlo ao marulelong a wona batho ba neng ba etsetsa Baale mahlabelo le ho etsa dinyehelo tsa dino bakeng sa medimo e meng mme ba ntshitelwa.’+
30 Jehova o re: ‘Batho ba Iseraele le ba Juda ba entse dintho tse fosahetseng feela mahlong a ka ho tloha botjheng ba bona.+ Batho ba Iseraele ba dula ba ntshitelwa ka diketso tsa bona. 31 Etswe motse ona e bile sesosa sa bohale le kgalefo feela ho nna ho tloha letsatsing leo ka lona ba o hahileng ho fihlela letsatsing lena.+ Ka hoo, ke tla o tlosa ka pela mahlo a ka.+ 32 Ke tla o tlosa ka lebaka la bokgopo bohle boo batho ba Iseraele le ba Juda ba bo entseng hore ba ntshitelwe. Kaofela ha bona, marena,+ dikgosana,+ baprista, baprofeta,+ banna ba Juda le baahi ba Jerusalema ba nkgalefisitse. 33 Ho ena le hore ba kgutlele ho nna, ba mphuraletse.+ Le hoja ke lekile ho ba ruta ka makgetlokgetlo,* ha ho le ya mong wa bona ya neng a mamela ha a kgalemelwa.+ 34 Ba ne ba kenya ditshwantsho tsa bona tse nyonyehang ka tlung e bitswang ka lebitso la ka e le hore ba e silafatse.+ 35 Ho feta moo, ba hahile dibaka tse phahameng tsa Baale Kgohlong ya Mora wa Hinome*+ e le hore ba tjhese bara le baradi ba bona e le mahlabelo a etsetswang Moloke+ e leng ntho eo ke neng ke sa ba laela yona.+ Ha ho mohla nkileng ka nahana* hore ba etse ntho ena e nyonyehang ebe ba etsa hore Juda e etse sebe.’
36 Ka hona, motse ona oo le reng o tla nehellwa morena wa Babilona ka sabole, tlala le lefu la sewa, Jehova Modimo wa Iseraele o re ka wona: 37 ‘Ke tla ba bokella ho tswa dinaheng tsohle tseo ke ba hasanyeditseng ho tsona ka bohale ba ka le ka kgalefo ya ka.+ Ke tla ba kgutlisetsa sebakeng sena, ke ba dumelle hore ba dule ba sireletsehile.+ 38 E tla ba setjhaba sa ka mme ke tla ba Modimo wa bona.+ 39 Ke tla fetola dipelo tsa bona+ le ditsela tsa bona e le hore ba ka dula ba ntshebeletsa ka mehla, molemong wa bona le molemong wa bana ba bona.+ 40 Ke tla etsa selekane se sa feleng le bona,+ sa hore nke ke ka tlohela ho ba etsa hantle.+ Ke tla etsa hore ba ntlhomphe e le hore ba se ke ba mphuralla.+ 41 Ke tla thabela ho ba etsetsa dintho tse ntle.+ Hape ke tla etsa hore ba dule naheng ena+ ho ya ho ile. Ke tla etsa dintho tsena ka pelo yohle ya ka le ka moya wohle wa ka.’”*
42 “Etswe Jehova o re: ‘Feela jwalo ka ha ke tliseditse batho bana koduwa ena, ke tla ba etsetsa melemo yohle eo ke ba tshepisitseng yona.+ 43 Ho tla rekwa masimo naheng ena+ le hoja le re: “Naha ena ha e na baahi kapa sebata hape ho nehelanwe ka yona ho Bakalde.”’
44 “‘Batho ba tla reka masimo ka tjhelete, ho ngolwe mangolo a tumellano mme a kwalwe le dipaki di tla bitswa. Dintho tsena di tla etsahala naheng ya Benjamine+ le dibakeng tse haufi le Jerusalema, metseng ya Juda,+ metseng e dithabeng, metseng e mabalane*+ le metseng e ka borwa hobane ke tla kgutlisa batho ba bona ba hapuweng,’+ ke Jehova ya tjhong.”