Jeremia
16 Jehova a boela a re ho nna: 2 “O se ke wa nyala mosadi mme o se ke wa ba le bara le baradi naheng ena. 3 Etswe Jehova o re ka bara le baradi ba hlahetseng naheng ena le ka bomme ba bona le bontate ba bona: 4 ‘Ba tla bolawa ke mafu+ empa ha ho na motho ya tla utlwa bohloko hobane ba shwele kapa a ba pate. Ba tla ba jwalo ka moitedi hodima lefatshe.+ Ba tla fediswa ka sabole le tlala+ mme ditopo tsa bona e tla ba dijo tsa dinonyana le tsa dibata.’
5 Jehova o re:
‘O se ke wa kena ka tlung ya ba llang,
O se ke wa ya lla kapa wa fana ka matshediso.+
Ke tlositse kgotso ya ka bathong bana
Ha mmoho le lerato la ka le mohau,’ ke Jehova ya tjhong.+
6 ‘Ba baholo le ba banyenyane ba tla shwa naheng ena.
Ba ke ke ba patwa,
Ha ho na motho ya tla ba llela
Ebile ha ho ya tla itsheha kapa a ipeole bakeng sa bona.*
7 Ha ho na motho ya tla fa ba llang dijo
E le ho ba tshedisa hobane ba shwetswe.
Ha ho ya tla ba fa kopi ya matshediso
Hore ba se ke ba nwa ka lebaka la ho lahlehelwa ke ntate kapa mme.
8 O se ke wa kena ka tlung ya mokete
Ho dula le bona hore o je o nwe.’
9 Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Mehleng ya lona, ke tla fedisa modumo wa batho ba thabileng le ba nyakaletseng, lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa naheng ena ka pela mahlo a lona.’+
10 Etlare ha o bolella setjhaba sena mantswe ana ohle, se tla re ho wena: ‘Ke hobaneng ha Jehova a buile ka tlokotsi e kaalekaale e tla re wela? Ke phoso efe le sebe sefe seo re sitetsweng Jehova Modimo wa rona ka sona?’+ 11 O re ho sona: ‘Jehova o re: “Ke hobane bontate ba lona ba ntahlile+ mme ba nnile ba latela medimo e meng, ba e sebeletsa le ho e inamela.+ Empa nna ba ntahlile le molao wa ka ha ba a o boloka.+ 12 Le entse hampe ho feta baholoholo ba lona,+ e mong le e mong ka manganga o latela pelo ya hae e mpe ho ena le ho mmamela.+ 13 Ka hoo, ke tla le ntsha naheng ena ke le lahlele naheng eo lona ha mmoho le baholoholo ba lona le sa kang la e tseba.+ Le tla sebeletsa medimo e meng moo bosiu le motshehare+ hobane nke ke ka le hauhela.”’
14 Jehova o re: ‘Le ha ho le jwalo, matsatsi a tla, ao ka ona ba ke keng ba hlola ba re: “Re ikana ka Jehova ya phelang ya ntshitseng batho ba Iseraele naheng ya Egepeta”+ 15 empa ba tla re: “Re ikana ka Jehova ya phelang, ya ntshitseng bana ba Iseraele naheng e ka leboya le dinaheng tsohle tseo a neng a ba qhalakanyeditse ho tsona!” Ke tla ba kgutlisetsa naheng ya bona eo ke e fileng baholoholo ba bona.’+
16 Jehova o re: ‘Ke bitsa batshwasi ba bangata ba ditlhapi,
Batshwasi bao ba tla ba tshwasa.
Ka mora moo, ke tla bitsa ditsomi tse ngata,
Di tla ba tsoma thabeng e nngwe le e nngwe
Le leralleng le leng le le leng le mapatsong a mafika.
17 Etswe mahlo a ka a shebile dintho tsohle tseo ba di etsang.*
Ba ke ke ba ipata moo nke keng ka ba bona
Ebile ba ke ke ba mpatela diphoso tsa bona.
18 Pele ho tsohle, ke tla ba fa moputso o feletseng wa diphoso le dibe tsa bona+
Ka ha ba silafaditse naha ya ka ka ditshwantsho tsa bona tse sa pheleng* tse nyonyehang
mme ba tlatsitse lefa la ka ka dintho tsa bona tse nyonyehang.’”+
19 Jehova, matla a ka le setshabelo sa ka,
Sebaka seo ke balehelang ho sona letsatsing la mahlomola,+
Ditjhaba di tla tla ho wena di tswa dikgutlong tsa lefatshe.
Di tla re: “Baholoholo ba rona ba jele lefa la ho rapela medimo ya bohata,*
Lefeela le dintho tse se nang thuso.”+
20 Na motho a ka iketsetsa medimo?
Eo a e etsang e tla be e se medimo ya nnete.+
21 “Jwale ke tla etsa hore ba tsebe,
Ka nako eo ke tla etsa hore ba tsebe matla a ka le bonatla ba ka,
Ba tla tseba hore lebitso la ka ke Jehova.”