Ho Baroma
16 Ke le tsebisa kgaitsedi ya rona Fibi, eo e leng mosebeletsi wa phutheho e Senkrea.+ 2 Ke kopa le mo amohele ka tsela e tshwanelang batho ba Morena ba halalelang. Le mo thuse ka sohle seo a se hlokang+ hobane le yena o ile a thusa* batho ba bangata ho akarelletsa le nna.
3 Ntumedisetseng Priska le Akuila+ bao re sebeletsang Kreste Jesu mmoho le bona. 4 Ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing bakeng sa ka.+ Nna le diphutheho tsohle tsa ditjhaba re a ba leboha. 5 Le dumedise le phutheho e kopanelang ka tlung ya bona.+ Dumedisang Epinitase eo ke mo ratang. Ke e mong wa batho ba pele ba Asia bao e ileng ya eba barutuwa ba Kreste. 6 Dumedisang Maria, ya sebeditseng ka thata bakeng sa lona. 7 Dumedisang Andronikase le Juniase, beng ka nna+ bao ke neng ke tshwerwe le bona. Ke banna ba tsejwang haholo ke baapostola hape e bile barutuwa ba Kreste nako e telele ho mpheta.
8 Ntumedisetseng Ampliatase motswalle wa ka eo ke mo ratang, le yena ke molatedi wa Morena. 9 Dumedisang Erbanase eo re sebeletsang Kreste le yena le Stakise motswalle wa ka eo ke mo ratang. 10 Dumedisang Apelese ya tshepahallang Kreste. Dumedisang ba ntlo ya Aristobulase. 11 Dumedisang Herodione eo ke amanang le yena le ba ntlo ya Narsisase bao e leng balatedi ba Morena. 12 Dumedisang Tryfina le Tryfosa, basadi ba sebeletsang Morena ka thata le Persise moratuwa wa rona, o ile a sebeletsa Morena ka thata. 13 Dumedisang Rufase mohlanka ya ikgethang wa Morena le mme wa hae eo ke mo nkang e le mme wa ka. 14 Dumedisang Asinkritase, Flegone, Hermese, Patrobase, Hermase le bana ba bo rona ba nang le bona. 15 Dumedisang Filologase le Julia, Nerease le kgaitsedi ya hae, Olimpase le batho bohle ba Modimo* ba nang le bona. 16 Dumedisanang ka lerato.* Diphutheho tsohle tsa Kreste di a le dumedisa.
17 Bana beso, ke le eletsa hore le hlokomele ba bakang dikarohano le ba kgelosang ba bang tumelong ka ho ruta dithuto tse sa tsamaisaneng le tseo le ithutileng tsona. Le ba qobe.+ 18 Batho ba jwalo ha se makgoba a Morena wa rona Kreste empa ke makgoba a ditakatso tsa bona. Ba kgelosa batho ka ho ba buela dipuo tse monate le ka ho ba rorisa empa ha e le hantle ba ba phoqa. 19 Ke a thaba hobane batho bohle ba a tseba hore le a mamela. Ke batla hore le be bohlale mme le etse dintho tse nepahetseng hape le be batho ba se nang molato ka hore le qobe dintho tse fosahetseng.+ 20 Haufinyane Modimo ya fanang ka kgotso o tla le fa matla a ho fedisa Satane.+ E se eka Morena wa rona Jesu a ka ba mosa* ho lona.
21 Timothea mosebetsimmoho le nna o re le dumele. Lusiase, Jasone le Sosipatere bao ke amanang le bona, le bona ba re le dumele.+
22 Nna Tershiase ya ngotseng lengolo lena a laelwa ke Pauluse, ke le dumedisa ka lebitso la Morena.
23 Gaiase,+ eo ke leng moeti wa hae le eo phutheho yohle e kopanelang ha hae o re le dumele. Erastase ya ikarabellang ditjheleteng tsa motse ha mmoho le ngwanabo Kortase ba re le dumele. 24 *——
25 Modimo a ka le matlafatsa ka ditaba tse monate tseo ke di bolelang le ka molaetsa o mabapi le Jesu Kreste. Ditaba tsena tse monate di mabapi le lekunutu le halalelang+ leo Modimo a re tsebisitseng lona. Lekunutu leo le ne le patilwe ka dilemo tse ngata. 26 Empa re le bontshitswe ra ba ra le tsebiswa ka boprofeta bo ka Mangolong. Modimo wa rona ya dulang a le teng o ile a laela hore molaetsa oo o tsebahatswe ditjhabeng tsohle e le hore batho ba ka ba le tumelo mme ba mo mamela. 27 Modimo eo e leng yena feela ya bohlale+ o tshwanelwa ke ho roriswa ka ho sa feleng ka lebaka la Jesu Kreste. Amen.