16 Motho o laola menahano ya hae
Empa karabo eo a fanang ka yona e tswa ho Jehova.+
2 Ditsela tsohle tsa motho di bonahala di lokile ho yena+
Empa Jehova o hlahloba hore na sepheo sa motho ke sefe.+
3 Siya dintho tsohle tseo o di etsang matsohong a Jehova+
Mme merero ya hao e tla atleha.
4 Jehova o etsa hore ntho e nngwe le e nngwe e phethe morero wa hae,
O etsa hore le ba kgopo ba timetswe letsatsing la koduwa.+
5 E mong le e mong ya ikgohomosang o a nyonyeha ho Jehova.+
Kgodiseha hore o tla fuwa kotlo.
6 Phoso e kwahelwa ka lerato le botshepehi.+
Hape motho o furalla bobe ka ho tshaba Jehova.+
7 Ha Jehova a kgahlwa ke diketso tsa motho,
O etsa hore esita le dira tsa hae di dule le yena ka kgotso.+
8 Ho molemo ho futsaneha empa o le motho ya lokileng+
Ho feta ho ba morui ka bolotsana.+
9 Le hoja motho a ka rera tsela ya hae ka hloko,
Ke Jehova ya mo tataisang.+
10 Morena o lokela ho phatlalatsa diqeto tse dumellanang le thato ya Modimo,+
A ahlole ka toka ka dinako tsohle.+
11 Dikala tsa ho bekga tse tshepahalang ke tsa Jehova,
Majwe a ho bekga a ka mokotleng a tswa ho yena.+
12 Diketso tsa bokgopo di a nyonyeha ho marena+
Hobane terone e tsitsiswa ka toka.+
13 Dipolelo tse lokileng di thabisa marena
Mme a rata motho ya buang nnete.+
14 Kgalefo ya morena e jwalo ka moromuwa wa lefu+
Empa motho ya bohlale o a e kokobetsa.+
15 Ho ratwa ke morena ho a phedisa,
Ho jwalo ka leru la pula ka nako ya selemo.+
16 Ho fumana bohlale ho molemo ho feta ho fumana kgauta.+
Ho fumana kutlwisiso ho molemo ho feta ho fumana silevera.+
17 Ba lokileng ba qoba ditsela tse fosahetseng.
Mang kapa mang ya elang hloko ditsela tsa hae o sireletsa bophelo ba hae.+
18 Boikakaso bo etella ho wa pele
Mme ya ikgohomosang o qetella ka ho wa.+
19 Ho molemo ho ikokobetsa hara ba bonolo+
Ho feta ho arolelana maruo le ba ikgohomosang.
20 Ya bontshang hore o na le temoho o tla atleha
Mme ya tshepang Jehova o a thaba.
21 Ho tla thwe motho ya bohlale o na le kutlwisiso,+
Ya dipuo di mosa ke yena ya mamelwang.+
22 Temoho ke sediba sa bophelo ho ba nang le yona
Empa dithoto di rutwa ke bothoto ba tsona.
23 Motho ya bohlale o kgetha mantswe ka hloko+
Mme mantswe a hae a a susumetsa.
24 Mantswe a monate a jwalo ka mahe a dinotshi,
A monate mme a matlafatsa masapo.+
25 Tsela e ka bonahala eka e lokile ho motho,
Athe qetellong e lebisa lefung.+
26 Motho ya lapileng o sebetsa ka thata
Hobane a kgannwa ke tlala.+
27 Motho ya se nang thuso o rera bobe,+
Dipuo tsa hae di jwalo ka mollo o tlabolang.+
28 Motho ya dikgathatso o a qabanya.+
Moetselletsi o arola metswalle ya hlooho ya kgomo.+
29 Motho ya dikgoka o eka moahisani wa hae
Ebile o mo lebisa tseleng e fosahetseng.
30 O koba leihlo ha a rera bolotsana.
O etsa bobe a ntse a bososela.
31 Moriri o moputswa ke korone ya botle+
Ha motho a le tseleng ya ho loka.+
32 Ya diehang ho halefa+ o molemo ho feta monna ya matla
Mme ya laolang bohale ba hae o molemo ho feta motho ya hapang motse.+
33 Lotho e a lahlwa+
Empa qeto e nngwe le e nngwe e etswang ka lotho e tswa ho Jehova.+