Moeklesia
8 Ke mang ya tshwanang le motho ya bohlale? Ke mang ya tsebang hore na bothata bo rarollwa jwang?* Bohlale ba motho bo bonahala sefahlehong sa hae mme bo etsa hore sefahleho sa hae se boima se kganye kgotso.
2 Ke re: “Mamela ditaelo tsa morena+ hobane o entse kano ho Modimo.+ 3 O se ke wa potlakela ho tloha ka pela morena.+ O se ke wa emela letho le lebe+ ka ha a ka etsa ntho e nngwe le e nngwe eo a e batlang 4 hobane ha morena a buile le dumme+ mme ha ho motho ya ka reng ho yena, ‘O etsang?’”
5 Ya mamelang taelo a ke ke a etsahallwa ke letho le lebe+ mme motho ya bohlale o* tla tseba nako le tsela* e loketseng ya ho sebetsa ditaba.+ 6 Ho na le nako le tsela* e loketseng ya ho sebetsa taba e nngwe le e nngwe+ hobane mathata a batho a mangata haholo. 7 Ka ha ha ho ya tsebang se tla etsahala, ke mang ya ka bolelang hore na se tla etsahala jwang?
8 Feela jwalo ka ha ho se na motho ya nang le matla a ho laola moya,* ka ho tshwanang ha ho na motho ya nang le matla a ho laola letsatsi la ho shwa.+ Feela jwalo ka ha ho se na motho ya ka lokollwang ntweng le bokgopo bo ke ke ba dumella batho ba bo etsang hore ba phonyohe.*
9 Ke bone dintho tsena tsohle mme ka nahanisisa ka dintho tsohle tse entsweng lefatsheng.* Nakong eo yohle, motho o busitse motho ho mo ntsha kotsi.+ 10 Hape ke ile ka bona ha batho ba kgopo ba ntse ba patwa mabitleng a bona. Ba ne ba tlwaetse ho kena le ho tswa sebakeng se halalelang empa ba ile ba lebalwa kapele motseng oo ho wona ba neng ba etsa bokgopo.+ Hoo le hona ke lefeela.
11 Dipelo tsa batho di ikemisetsa ho etsa bobe le ho feta+ hobane dintho tse mpe tseo ba di entseng ha ba a di ahlolelwa ka potlako.+ 12 Le hoja moetsadibe a ka etsa bobe ka makgetlo a lekgolo mme a nna a phela nako e telele, ke a hlokomela hore ba hlomphang* Modimo wa nnete bona dintho di tla ba tsamaela hantle hobane ba mo hlompha.+ 13 Empa ya kgopo dintho di ke ke tsa mo tsamaela hantle+ ebile a ke ke a eketsa matsatsi a hae a tshwanang le moriti+ hobane ha a hlomphe Modimo.
14 Ho na le ntho e nngwe e se nang thuso* e etsahalang lefatsheng: Ho na le batho ba lokileng ba tshwarwang jwalo ka ha eka ba entse bokgopo+ mme ho na le batho ba kgopo ba tshwarwang jwalo ka ha eka ba entse dintho tse lokileng.+ Ke re hoo le hona ke lefeela.
15 Ka hoo, ke ile ka kgothaletsa batho ho thaba+ hobane lefatsheng* ha ho na letho le molemo bakeng sa motho ho feta hore a je, a nwe mme a thabe. O lokela ho etsa dintho tsena ha a ntse a sebetsa ka thata nakong ya matsatsi a bophelo ba hae+ boo Modimo wa nnete a mo fang bona lefatsheng.*
16 Ke ile ka sebedisa kelello* ya ka ho fumana bohlale le ho bona dintho tsohle tse* etsahalang lefatsheng,+ ke bile ke sa robale bosiu le motshehare.* 17 Yaba ke nahanisisa ka mosebetsi wohle wa Modimo wa nnete mme ka hlokomela hore batho ba ke ke ba utlwisisa dintho tse etsahalang lefatsheng.*+ Ho sa tsotellehe hore na ba leka ka matla hakae, ba ke ke ba di utlwisisa. Le haeba ba ka re ba bohlale mme ba di tseba kaofela, ho hang ba ke ke ba di utlwisisa.+