Jobo
2 Ke tla fumanang ho tswa ho Modimo ya hodimo?
Ke lefa lefe leo Ya Matla Ohle ya sebakeng se phahameng a tla mpha lona?
3 Na motho ya etsang dintho tse mpe ha a emelwa ke koduwa
Le motho ya etsang dintho tse kotsi ha a emelwa ke tlokotsi?+
Na ho na le motho eo nkileng ka mo thetsa?+
7 Haeba mehato ya ka e kgeloha tsela+
Kapa pelo ya ka e latetse mahlo a ka+
Kapa matsoho a ka a sa hlweka,
8 Dijo tseo ke di jalang di ke di jewe ke motho e mong+
Le dintho tseo ke di lemang di fotholwe.*
9 Haeba nkile ka kgahlwa ke mosadi e mong+
Mme ka ema+ monyako wa moahisani wa ka ke emetse mosadi wa hae,
11 E ne e tla ba ke entse ntho e hlabisang dihlong.
Baahlodi ba ne ba tla lokela ho mpha kotlo ka lebaka la phoso eo.+
12 Ntho eo ke e entseng e ne e tla ba jwalo ka mollo, e tjhese+
Le ho fedisa dintho tsohle tseo ke nang le tsona.
Ke tla mo araba jwang ha a re ke ikarabelle ka ntho eo ke e entseng?+
15 Na ha se Modimo ya entseng nna le bona ka popelong?+
Na ha se yena ya re bopileng pele re tswalwa?*+
16 Haeba ke ne ke hana ho fa bafutsana dintho tseo ba di hlokang+
Kapa ke utlwisa mohlolohadi bohloko+
17 Haeba ke ne ke ja ke le mong,
Ke sa fe dikgutsana letho,+
18 (Ke hodisitse dikgutsana ho tloha botjheng ba ka jwalo ka ha eka ke ntate wa tsona
Hape haesale ke thusa bahlolohadi ho tloha bongwaneng ba ka.)*
19 Haeba ke bona motho a bolawa ke serame hobane a se na diaparo
Kapa ke bona mofutsana a se na ntho eo a ka e aparang,+
20 Haeba ke sa mo fa boya ba dinku tsa ka
E le hore a ka iphuthumatsa ebe o a nteboha,*+
21 Haeba ke ile ka tshosa dikgutsana ka hore ke tla di otla+
Ha di ne di hloka thuso ya ka keiting ya motse,*+
22 Letsoho la ka le ke le tswe lehetleng mme le wele fatshe
Hape le ke le robehe setsweng.
23 Ke ne ke tshaba koduwa e tswang ho Modimo
Ebile ke sa kgone ho ema ka pela kganya ya hae.
25 Haeba ke ne ke thaba hobane ke ruile haholo+
Ebile ke ena le dintho tse ngata,+
26 Haeba ke bone ha letsatsi le kganya
Kapa ha kgwedi e tsamaya ka botle ba yona+
28 E ne e tla ba ke entse phoso mme baahlodi ba ne ba tla lokela ho mpha kotlo
Ka ha ke ne ke tla be ke latotse Modimo wa nnete ya lehodimong.
29 Na nkile ka thabela ditsietsi tsa sera sa ka+
Kapa ka thabela ho bona se hlahelwa ke dintho tse mpe?
30 Ha ke eso ka ke dumella molomo wa ka hore o etse sebe
Ka ho lakaletsa sera sa ka bobe le ho batla hore se bolawe.+
31 Na banna ba ntlo ya ka ha ba a ka ba re,
‘Batho bohle ba tlang ha Jobo ba ja* ho fihlela ba kgotsofala’?+
32 Ha ho na motho* ya neng a robala ka ntle bosiu.+
Ke ne ke amohela baeti.
33 Na nkile ka leka ho pata diphoso tsa ka jwalo ka batho ba bang,+
Ka di pata ka pokothong ya seaparo sa ka?
34 Na nkile ka tshaba hore na batho ba bangata ba tla reng
Kapa ka tshoswa ke ho songwa ke malapa a mang,
Hoo ke ileng ka thola mme ka tshaba ho tswela ka ntle?
35 Hoja ho ka ba le motho ya mmamelang.+
Ke ne ke tla ngola lebitso la ka e le ho tiisa hore seo ke se buileng ke nnete.
Ya Matla Ohle a ke a nkarabe.+
Haeba feela motho ya nqosang a ne a ngotse dintho tseo a nqosang ka tsona fatshe,
36 Ke ne ke tla di jara mahetleng,
Ke di rwale hloohong jwalo ka korone.
37 Ke ne ke tla mo bolella mohato o mong le o mong oo ke o nkang.
Ke ye ho yena ka sebete jwalo ka ha eka ke kgosana.
38 Haeba ke etsa hore masimo a ka a lle
Le hore diforo tsa ona kaofela di lle
39 Haeba ke jele dijo tse tswang ho ona ke sa patala+ batho ba lemmeng
Kapa ke utlwisitse batho bao e neng e le a bona bohloko,+
40 Masimong a ka ho ke ho hlahe meutlwa eseng koro,
Ho hlahe ditlamatlama tse nkgang hampe eseng harese.”
Mantswe a Jobo a fella mona.