Esaia
1 Ena ke pono eo Esaia*+ mora wa Amoze a ileng a e bona mehleng ya Uzia,+ Jothame,+ Akaze+ le Ezekiase,+ marena a Juda ka se tla etsahalla Juda le Jerusalema:+
3 Poho e tseba monga yona hantle
Le tonki e tseba hantle moo monga yona a e fepelang teng
Empa Baiseraele ha ba ntsebe,*+
Setjhaba sa ka ha se na kutlwisiso.”
4 Ho madimabe setjhaba se nang le sebe,+
Batho ba imetsweng ke phoso,
Sehlopha sa batho ba kgopo, bana ba bodileng.
Ba lahlile Jehova,+
Ba telletse Mohalaledi wa Iseraele.
Ba mo furaletse.
5 Le tla otlwa hokae hape ha borabele ba lona bo ntse bo ehlwa mekwalaba?+
Dihlooho tsa lona di a kula
Le dipelo tsa lona di a kula.+
6 Ho tloha hloohong ho ya tswa leotong, ha ho letho le phetseng hantle.
Hohle le tletse maqeba, matetetso le metopa.
Ha e a fodiswa,* ha e a tlamiswa kapa hona ho thapiswa ka oli.+
7 Naha ya lona e senyehile,
Metse ya lona e tjhesitswe ka mollo.
Basele ba ja dihlahiswa tsa naha ya lona le ntse le ba shebile.+
E ripitlilwe ekare e sentswe ke dira.+
8 Moradi wa Sione o siilwe jwalo ka lephephe serapeng sa morara
Jwalo ka mokgoro* tshimong ya dikomkomere
Le jwalo ka motse o thibeletsweng.+
9 Hoja Jehova wa mabotho a se ke a re siela baphonyohi ba seng bakae,
Re ka be re bile feela jwalo ka Sodoma
Hape re ka be re tshwana le Gomora.+
10 Utlwang lentswe la Jehova, lona bahatelli* ba Sodoma.+
Mamelang molao* wa Modimo wa rona, lona batho ba Gomora.+
11 Jehova o re: “Mahlabelo a lona a mangata a ntswela molemo wa eng?+
Ke kgathetse ke dinyehelo tsa lona tsa setjheso tsa diramo+ le mafura a diphoofolo tse fepehileng hantle+
Ebile ha ke kgahlwe ke madi+ a dipohwana,+ dikonyana le dipodi.+
13 Kgaotsang ho tlisa dinyehelo tsa dijo* tse se nang thuso.
Ke nyonya dibano tsa lona.+
Le keteka dikgwedi tse thwasitseng+ le disabatha+ ebile le etsa dikopano+
Empa nke ke ka mamella boloi+ ha mmoho le phutheho ya lona e hlomphehang.
14 Ke hloile mekete ya lona ya dikgwedi tse thwasitseng le mekete ya lona e meng.
Di fetohile morwalo ho nna,
Ke kgathetse ke ho di mamella.
Matsoho a lona a kgenathetse madi.+
Kgaotsang ho etsa bobe.+
17 Ithuteng ho etsa dintho tse lokileng, sebetsang dintho ka toka,+
Kgalemelang mohatelli,
Sireletsang ditokelo tsa kgutsana,*
Le buelle mohlolohadi nyeweng.”+
18 Jehova o re: “Tloong re lokiseng ditaba.+
Le hoja dibe tsa lona di le kgubedu,
Di tla ba tshweu jwalo ka lehlwa.+
Le hoja di le kgubedu tlere!
Di tla ba tshweu jwalo ka boya.
20 Empa haeba le hana mme le mphetohela,
Le tla jewa ke sabole+
Etswe Jehova o tjho jwalo ka molomo wa hae.”
21 Motse o tshepahalang+ o fetohile mosadi wa letekatse.+
O ne a tletse toka.+
22 Silevera ya hao e fetohile manya.*+
Jwala* ba hao bo hlapolotswe ka metsi.
23 Babusi ba hao ba manganga mme ke metswalle ya mashodu.+
Kaofela ha bona ba rata tjotjo ebile ba lelekisa dimpho.+
Ha ba ahlolele dikgutsana* ka toka.
Le nyewe ya mohlolohadi ha e fihle ho bona.+
24 Ka hona Morena wa nnete, Jehova wa mabotho,
Ya Matla wa Iseraele o re:
“Ho lekane! Ke tla itokolla ho bahanyetsi ba ka
Ke be ke iphetetse ho dira tsa ka.+
25 Ke tla o tlisetsa kotlo,
Ke o qhibidihise ke o tlose manya kaofela,
Ke tla tlosa ditshila tsa hao kaofela.+
Jwale o tla bitswa Motse wa ho Loka, Motse o Tshepahalang.+
30 O tla ba jwalo ka sefate se seholo seo makgasi a sona a ponang+
Le jwalo ka serapa se se nang metsi.
Ka bobedi ba tla tjha mmoho,
Ho se na ya ba timang.”